Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:7 - BIBELE

7 Ba tla phetha ditshebeletso tsa hae le ditshebeletso tsa phutheho yohle kapele ho Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa Leaho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 ba di boloke pela tente ya pokano, ha ba ntse ba phetha tshebetso ya tabernakele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:7
13 Referencias Cruzadas  

Balevi, le bana babo bona, e ne e le bona balebedi ba matlotlo a Tempele ya Modimo, le balebedi ba matlotlo a dimpho tse halalelang.


Bara ba Jehiele, e leng Setame le Joele ngwanabo, e ne e le balebedi ba matlotlo a Tempele ya Morena.


Ke bo-Shelomite le bana babo, bao e neng e le balebedi ba matlotlo a dimpho tse abetsweng Morena, tseo kgosi Davida, le dihlooho tsa malapa, le balaodi ba bahlabani ba sekete, le ba bahlabani ba lekgolo, le balaodi ba mabotho, ba ileng ba di abela Morena.


Le tla hlola monyakong wa Tente ya Morena ka matsatsi a supileng, motsheare le bosiu, le etsa seo Morena a le laetseng sona, le tle le se ke la shwa, hobane ke laetswe jwalo ke Morena.”


O kgethe Balevi hore e be bona balebedi ba Tente ya Morena, e kentseng areka ya selekane, le balebedi ba dijana tsohle tsa yona, le thepa yohle ya yona. Ba tla jara Tente le dijana tsohle tsa yona, e be basebeletsi ka ho yona, mme diahelo tsa bona di e potapote.


Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.”


Mookamedi wa mahosana a Balevi e ne e le Eleasare, mora wa moprista Arone, ya neng a hlokomela bohle ba neng ba hlokomela Sehalalelo.


Ba tla boloka dijana tsohle tsa Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa bana ba Iseraele le ditshebeletso tsa Leaho.


Sekotong se abetsweng bana ba Iseraele o tla nka motho a le mong hodima bathopuwa ba mashome a mahlano; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima diphoofolo tsohle tse mashome a mahlano, mme o di nee Balevi ba sebeletsang ka Tenteng ya Morena.”


Arone a nyehele ka Balevi kapele ho Morena, e le nyehelo e akgotswang, e tswang ho bana ba Iseraele, hore Balevi ba tle ba sebeletse Morena.


Kamora moo, Balevi, ba tla kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa. O tla ba hlwekisa, ebe o nyehela ka bona, e le nyehelo e akgotswang.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos