Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:8 - BIBELE

8 Ba tla boloka dijana tsohle tsa Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa bana ba Iseraele le ditshebeletso tsa Leaho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba tla boloka mesebetsi yohle ya tente ya pokano, le tse beilweng ho bana ba Iseraele, ba tle ba etse tshebetso ya tabernakele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:8
13 Referencias Cruzadas  

Ka taelo ya ho qetela ya Davida, ha balwa Balevi ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo.


Bara ba ka, se beng mahlaswa, hobane Morena o le kgethile hore le eme kapele ho yena, le mo sebeletse, le be basebeletsi ba hae ba mo tjhesetsang mokubetso.”


Tsamayang! Tsamayang le tlohe mona! Le se ame letho le silafetseng! Tswang Babilona le itlhwekise, lona ba nkang dijana tsa Morena.


Yaba Tente ya Morena e a kgokgothollwa, mme bara ba Gereshone le bara ba Merari, ba neng ba jara Tente ya Morena, ba tswela pele leetong.


Jwale ba morabe wa Kohate, ba neng ba jara dintho tse halalelang, ba tswela pele leetong, mme Tente ya Morena e ile ya hlongwa pele ba fihla.


Ba tla phetha ditshebeletso tsa hae le ditshebeletso tsa phutheho yohle kapele ho Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa Leaho.


Balevi bona o ba nee Arone le bara ba hae; ke mo neile bona ka ho tlala hara bana ba Iseraele.


Sekotong se abetsweng bana ba Iseraele o tla nka motho a le mong hodima bathopuwa ba mashome a mahlano; le pholo e le nngwe, le tonki e le nngwe, le nku e le nngwe, hodima diphoofolo tsohle tse mashome a mahlano, mme o di nee Balevi ba sebeletsang ka Tenteng ya Morena.”


“Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.


Ona he, ke mosebetsi wa malapa a bara ba Gereshone ka Tenteng ya Morena, mme ba tla ba tlasa taolo ya Itamare, mora wa moprista Arone.


Ona he, ke mosebetsi wohle wa malapa a bara ba Merari, ka Tenteng ya Morena, mme ba tla ba tlasa taolo ya Itamare, mora wa moprista Arone.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos