Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba tla boloka mesebetsi yohle ya tente ya pokano, le tse beilweng ho bana ba Iseraele, ba tle ba etse tshebetso ya tabernakele.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ba tla boloka dijana tsohle tsa Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa bana ba Iseraele le ditshebeletso tsa Leaho.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:8
13 Referencias Cruzadas  

Ke e nngwe ya taba tseo Davida a qeteletseng ka tsona, ha ho kile ha etswa palo ya bara ba Levi, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi le ho ya pele.


Ha ho le jwalo, bara ba ka, le se ke la dieha; ke lona bao Jehova a le kgethileng hore le eme pela hae le ho etsa mosebetsi wa hae, le ho ba basebeletsi ba hae le ba mo tjhesetsang dibano.


Fallang, fallang, le tlohe mona; le se ke la ama ditshila, tswang hara bona! Itlhatsweng, lona ba jarang dipitsa tsa Jehova!


Tabernakele ya qhaqhollwa: yaba bara ba Gershone le bara ba Merari ba tloha, ba jere tabernakele.


Bakehathe ba tloha le bona, ba jere dintho tse kgethehileng; mme ho ne ho emiswa tabernakele, ba ntse ba lebeletswe ho fihla.


ba di boloke pela tente ya pokano, ha ba ntse ba phetha tshebetso ya tabernakele.


O tla nea Aarone le bara ba hae Balevi: o ba kgethe ho bana ba Iseraele, o mo nee bona ruri.


Karolong ya bana ba Iseraele, o tla nka e nngwe ho tse mashome a mahlano, leha e le bathong, leha e le dikgomong, le dieseleng, le dikgutshwanyaneng, le diphoofolong tsohle, mme o tla di nea Balevi ba lebelang tabernakele ya Jehova.


Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.


Ke yona tshebetso ya matlo a bara ba Bagershone, tenteng ya pokano, le tseo ba tlang ho di boloka, ba le taelong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.


Ke yona tshebetso ya bara ba matlo a Bamerari, e leng tshebetso ya bona tenteng ya pokano, ba le taelong ya Ithamare, mora Aarone, moprista.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos