Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 O tla nea Aarone le bara ba hae Balevi: o ba kgethe ho bana ba Iseraele, o mo nee bona ruri.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Balevi bona o ba nee Arone le bara ba hae; ke mo neile bona ka ho tlala hara bana ba Iseraele.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:9
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Davida o re: Ha ho ya tshwanetseng ho jara areka ya Modimo haese Balevi; hobane ke bona bao Jehova a ba kgethileng hore ba jare areka ya Modimo le ho etsa tshebeletso ya yona ka ho sa feleng.


Ba neng ba tshwara tshebetso eo hammoho le bana ba bona, ho bara ba Bakehathe e ne e le sebini Hemane, mora Joele, mora Samuele,


Haele Banethinime, ya eba bana ba Tsika, le bana ba Hasufa, le bana ba Thabaothe,


Baprista ba bewa kabelong tsa bona, le Balevi dihlopheng tsa bona, ho tle ho etswe tshebeletso ya Modimo o hona Jerusalema, jwalokaha ho ngodilwe bukeng ya Moshe.


Ha tla le Banethinime ba makgolo a mabedi a mashome a mabedi ba kgethilweng ka mabitso kaofela a bona, e le bara ba Banethinime bao Davida le dihlooho ba neng ba ba neetse tshebeletso ya Balevi.


Hlekane ke ntho e nyenyane ho lona ha Modimo wa Iseraele o le kgethile setjhabeng sa Iseraele, hore o le atametse ho wona hore le phethe tshebetso ya tabernakele ya Jehova, mme le eme kapele ho phutheho ho e sebeletsa na?


Atametsa banabeno ho wena, ba leloko la Levi, ba leloko la ntatao, ba tle ba o kgomarele, mme ba o sebeletse mohla wena le bara ba hao le leng pela tente ya bopaki.


Ba tla boloka mesebetsi yohle ya tente ya pokano, le tse beilweng ho bana ba Iseraele, ba tle ba etse tshebetso ya tabernakele.


o tla kgetha Balevi ho bara ba Iseraele; mme Balevi e tla ba ba ka.


hobane ba neilwe nna ruri, hara bana ba Iseraele; mme ke inketse bona bakeng sa letsibolo le leng le le leng la mosadi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.


Ke nkile Balevi bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.


Ruri ke neile Aarone le bara ba hae Balevi hara bana ba Iseraele, ba tle ba etsetse bana ba Iseraele tshebetso ya tente ya pokano, mme ba etsetse bana ba Iseraele pheko hore kotsi e se ke ya hlahela bana ba Iseraele, mohla bana ba Iseraele ba atamelang sehalalelo.


Mme esale yena ya beileng ba bang baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba Evangeli, ba bang badisa le baruti,


Ke ka baka leo ho itsweng: Eitse hobane a nyolohele lehodimong, o isitse kgolehong ba holehilweng ba bangata, mme o neile batho dineo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos