Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 8:17 - BIBELE

17 Matsibolo wohle a bana ba Iseraele ke a ka, a batho le a diphoofolo. Ke ne ke ikgalalelletse wona ka letsatsi leo ka lona ke neng ke bolaye matsibolo wohle naheng ya Egepeta.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Hobane matsibolo wohle a bana ba Iseraele ke a ka, a batho le a dikgomo: ke ikgethetse wona mohla ke otlang matsibolo wohle lefatsheng la Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Numere 8:17
18 Referencias Cruzadas  

A bolaya matsibolo wohle a naha ya bona, bana ba bona ba matswathaka.


Ke yena ya ileng a bolaya, a bolaya matsibolo a Egepeta, ho qala ka a batho ho isa ho a diphoofolo.


A bolaya matsibolo wohle a Egepeta, bana ba matswathaka, ba metlotlwane ya Kama.


Jwale ka seroko, Morena a bolaya matsibolo wohle a naha ya Egepeta; ho qala ka letsibolo la Faro, lona le tla dula teroneng ya hae, ho isa ho letsibolo la motshwaruwa ya kwaletsweng tjhankaneng, le matsibolo wohle a diphoofolo.


“Nkgethele matsibolo wohle. Letsibolo le leng le le leng hara bara ba Iseraele, la motho le la phoofolo, ke la ka.”


“Ke tla halaletsa Tente ya Morena, le aletare, mme ke tla halaletsa Arone le bara ba hae, hore ba tle ba sebeletse e le baprista ba ka.


Ka ba nea le Disabatha tsa ka hore e be sesupo pakeng tsa ka le bona, ba tle ba tsebe hore ke nna Morena ya ba halaletsang.


“ ‘Ho se be motho ya ka kgethelang Morena matsibolo a diphoofolo tsa hae, hobane wona ke a Morena; e ka ba matsibolo a kgomo, kapa a nku, ke a Morena.


hobane matsibolo wohle ke a ka. Ka letsatsi leo ke neng ke bolaya matsibolo a naha ya Egepeta ka lona, ke ne ke halaletse matsibolo wohle a Baiseraele, a batho le a diphoofolo, hore e be a ka. Ke nna Morena.”


Ke nkile Balevi bakeng sa matsibolo wohle hara bana ba Iseraele.


jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Morena, ho thwe: “Ngwana e mong le e mong e motona wa letsibolo o tla kgethelwa Morena,”


Jwale ho ya kang ha le re: ‘O a nyefola,’ kahobane nna ya halaleditsweng, mme a romelwa lefatsheng ke Ntate, ke itse: ‘Ke Mora wa Modimo’?


mme ke ikgalaletsa ka baka la bona, hore le bona ba halaletswe nneteng.


Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!


Ka tumelo a etsa mokete wa Paseka, mme a foka menyako ka madi, e le hore Motimetsi a tle a se ke a ama matsibolo a Baiseraele.


Ka ho rata ha hae o re tswetse ka lentswe la nnete, re tle re be ho kang matsibolo hara dibopuwa tsa hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos