Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:13 - BIBELE

13 hobane matsibolo wohle ke a ka. Ka letsatsi leo ke neng ke bolaya matsibolo a naha ya Egepeta ka lona, ke ne ke halaletse matsibolo wohle a Baiseraele, a batho le a diphoofolo, hore e be a ka. Ke nna Morena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Hobane matsibolo wohle ke a ka. Mohla ke otlang matsibolo wohle a lefatsheng la Egepeta, ke ne ke ikgethele matsibolo wohle a Iseraele, ho tloha ho a batho ho isa ho a dikgomo; e tla nne e be a ka. Ke nna Jehova.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:13
16 Referencias Cruzadas  

“Jwalokaha ho ngotswe Molaong, re tla tlisa matsibolo a bara ba rona, le a diphoofolo tsa rona, le a mehlape ya dikgomo tsa rona, le a dikgutshwane tsa rona, ka Tempeleng ya Morena, re a nee baprista ba sebeletsang ka Tempeleng ya Morena.


o tle o kgethele Morena matsibolo wohle a batho, le matsibolo a diphoofolo tsohle tsa hao. Tsohle tse tona ke tsa Morena.


E ile yare ha Faro a ngangella, a hana ho re lokolla, Morena a bolaya matsibolo wohle naheng ya Egepeta, ho qala ka matsibolo a batho, ho isa ho matsibolo a diphoofolo. Ke ka lebaka lena ke etsetsang Morena sehlabelo ka letsibolo le leng le le leng le letona, empa matsibolo a matona, a bara ba ka, ke a a lopolla.’


“Nkgethele matsibolo wohle. Letsibolo le leng le le leng hara bara ba Iseraele, la motho le la phoofolo, ke la ka.”


“O se ke wa dieha ho nntshetsa karolo ya tseo di kotutseng, le tseo o di ritetseng ka morara. “O tle o nkgethele bana ba hao ba matsibolo.


“Matsibolo wohle ke a ka; le diphoofolo tsa hao tsohle tse tona, tseo e leng matsibolo a dikgomo kapa a dinku.


Dilopotsiya tsohle le dinyehelo tsohle, le mefuta yohle ya dinyehelo, e tla ba tsa baprista. Le tla ba nea hlama ya lona ya pele, malapa a lona a tle a hlohonolofatswe.


“ ‘Ho se be motho ya ka kgethelang Morena matsibolo a diphoofolo tsa hae, hobane wona ke a Morena; e ka ba matsibolo a kgomo, kapa a nku, ke a Morena.


Letsibolo le leng le le leng la dibopuwa tsohle le nyehellwang Morena ke la hao; e ka ba la motho kapa la phoofolo. Leha ho le jwalo, letsibolo la motho o tla le lopolla, le letsibolo la phoofolo e sa hlwekang le lona o tla le lopolla.


Bona, ke ikgethetse bana beno, Balevi, hara bana ba Iseraele, e le mpho ya hao e neilweng Morena, hore ba sebeletse ka Tenteng ya Morena.


Nna, ke leng Morena, o nkabele Balevi bohle, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le matsibolo wohle a diphoofolo tsa Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a diphoofolo tsa bana ba Iseraele.”


Baegepeta ba ne ba ntse ba epela matsibolo a bona, ao Morena a neng a a bolaile. Morena a ba a otla le medimo ya bona.


jwalokaha ho ngotswe Molaong wa Morena, ho thwe: “Ngwana e mong le e mong e motona wa letsibolo o tla kgethelwa Morena,”


Le tlile phuthehong ya matsibolo ao mabitso a wona a ngotsweng bukeng ya lehodimo; le tlile le ho Modimo, moahlodi wa batho bohle, le ho meya ya ba lokileng, ba fihletseng phetheho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos