Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 3:12 - BIBELE

12 “Bona, nna ka sebele ke nkile Balevi hara bana ba Iseraele, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele. Balevi e tla ba ba ka,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Bona, ke nkile Balevi mahareng a bana ba Iseraele; ke ba nkile bakeng sa matsibolo wohle a tswetsweng ke bomma bana ba Iseraele; ka mokgwa o jwalo Balevi ke ba ka.

Ver Capítulo Copiar




Numere 3:12
8 Referencias Cruzadas  

“Nkgethele matsibolo wohle. Letsibolo le leng le le leng hara bara ba Iseraele, la motho le la phoofolo, ke la ka.”


Bona, ke ikgethetse bana beno, Balevi, hara bana ba Iseraele, e le mpho ya hao e neilweng Morena, hore ba sebeletse ka Tenteng ya Morena.


Morena a bua ho Moshe, a re:


Nna, ke leng Morena, o nkabele Balevi bohle, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele; le matsibolo wohle a diphoofolo tsa Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a diphoofolo tsa bana ba Iseraele.”


“Nkabele Balevi, bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele, le diphoofolo tsohle tsa Balevi bakeng sa matsibolo a bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka. Ke nna Morena.


Ka mokgwa o jwalo o tla kgetha Balevi ho bana ba Iseraele, mme Balevi e tla ba ba ka.


“Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba ka ka ho tlala. Ke inketse bona bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.


Ke nkile Balevi bakeng sa matsibolo wohle hara bana ba Iseraele.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos