Balevi ba jara areka ya Modimo ka mefeng, jwalokaha Moshe a ne a ba laele, ho ya ka polelo ya Morena.
Numere 4:5 - BIBELE Etlare ha ho tlohuwa mo ho neng ho hlomilwe teng, Arone le bara ba hae ba theole lesira la seotlwana, mme ka lona ba kwahele areka ya selekane. Sesotho 1909/1961 (SO) Etlare ha phutheho e tloha, Aarone le bara ba hae ba tla kena, ba fanyolle lesira la karohanyo; ba tla kwahela areka ya bopaki ka lona; |
Balevi ba jara areka ya Modimo ka mefeng, jwalokaha Moshe a ne a ba laele, ho ya ka polelo ya Morena.
Ho tloha nakong eo, ha se ke ha hlola ho sa hlokahala hore Balevi ba jare Leaho le tsohle tseo ho neng ho sebeletswa ka tsona.
A etsa lesira ka masela a maputswa, le a perese, le a mafubedu, le a lene, mme a etsa ditshwantsho tsa dikerubime hodima lona.
Ba etsa lesira ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le la lene, le loehileng; le entsweng ke setsebi, le homilweng ditshwantsho tsa dikerubime.
O bee le aletare ya kgauta, ya mokubetso, kapele ho areka ya selekane, ebe o lepeletsa lesira monyako wa Leaho.
Thabeng ena o tla tlosa lesira, le fifaditseng tjhaba tsohle, a tlose lesela le fifaditseng ditjhaba tsohle.
Morena a bua ho Moshe, a re: “Bolella moholwana wa hao Arone hore a se no kena ka Sehalalelong ka dinako tsohle, kamora lesira le siretseng sekwahelo sa tefelo ya sebe se hodima areka ya selekane e le hore a se ke a shwa, hobane ke tla iponahatsa hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, ke le lerung.
Ba nkileng mokgele wa Juda ba tloha pele, ho ya ka mabotho a bona. Mookamedi wa lebotho la Juda e ne e le Naheshone, mora wa Aminadabe.
“Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.
“Ona ke mosebetsi wa bara ba Kohate, ka Tenteng ya Morena; tsohle tse halalelang ka ho fetisisa di tla hlokomelwa ke bona.
Empa bara ba Kohate ha a a ka a ba nea letho, hobane mosebetsi wa bona e ne e le wa ho jara dintho tse halalelang tsa Sehalalelo.
Bonang, lesira la Tempele la taboha ka lehare, ho tloha hodimo ho isa tlase, lefatshe la sisinyeha, mafika a petsoha,
Moshe a ngola Molao ona, a o nea baprista, e leng bara ba Levi, ba neng ba jara areka ya selekane sa Morena; a o nea le baholo bohle ba Iseraele.
Re na le tsela e ntjha, e phelang, eo a re buletseng yona ka ho phunyeletsa lesira, e leng botho ba hae.
Kamora lesira la bobedi ho ne ho ena le karolo ya bobedi ya Tente, e neng e bitswa Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.
Banna ba Jekonia ba se ke ba thaba mmoho le baahi ba bang ba Bete-Shemeshe, ha ba bona areka ya Morena, mme Morena a bolaya ba mashome a supileng ba bona. Setjhaba sa eba bofifing, hobane Morena o ne a bolaile batho ba bangata.