Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Samuele 6:19 - BIBELE

19 Banna ba Jekonia ba se ke ba thaba mmoho le baahi ba bang ba Bete-Shemeshe, ha ba bona areka ya Morena, mme Morena a bolaya ba mashome a supileng ba bona. Setjhaba sa eba bofifing, hobane Morena o ne a bolaile batho ba bangata.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Feela, Jehova a otla banna ba Bethe-Shemeshe, kahobane ba kile ba nyarela ka arekeng ya Jehova; a otla batho ba mashome a supileng (le ba dikete tse mashome a mahlano), mme setjhaba sa lla, kahobane Jehova a otlile setjhaba ka kotlo e kgolo.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 6:19
14 Referencias Cruzadas  

Bohale ba Morena ba tlokomela Usa, mme Modimo a mmolaya ka baka la ho ama areka. A shwela hona moo pela areka ya Modimo.


Ka baka leo, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a nyoloha, mme yena le Amasiya, kgosi ya Juda, ba lebanya dithebe ba le Bete-Shemeshe e naheng ya Juda.


Yaba Morena o re ho Moshe: “Theoha, o hlokomedise setjhaba esere mohlomong sa phunyeletsa ho tla bona Morena, mme sa eshwa ka bongata.


Yare ha setjhaba se utlwa mantswe ana a bohloko, sa lla, mme ha se ke ha eba ya rwalang mekgabiso ya hae.


Ha ho tsamauwa, Balevi ba tla kgokgotholla Tente; moo ho robaletswang teng, ba tla e hloma, mme e mong osele ya atamelang pela yona o tla bolawa.


“Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.


“Le hlokomele hore ba leloko la Kohate ba se ke ba fela hara Balevi.


empa ba se ke ba kena ho sheba dintho tse halalelang leha e le ka motsotswana feela, esere ba eshwa.”


“Diphiri tsohle ke tsa Morena Modimo wa rona, empa dintho tse senotsweng ke tsa rona, le tsa bana ba rona kamehla yohle, e le hore re phethe dipallo tsohle tsa Molao ona.”


Le se ke la hlokiswa moputso wa lona ke ba ikokobetsang ka mokgwa o fosahetseng, mme ba rapelang mangeloi, ba reng ba bona dipono, ba ikgohomosang ka dintho tsa lefeela ka baka la menahano ya bona ya botho.


E se e le nako ya hore kahlolo e qale, mme e qale ka ba ntlo ya Modimo. Jwale ha e le moo e qala ka rona, qetello ya ba sa dumeleng molaetsa o molemo wa Modimo yona e tla ba jwang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos