Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 4:4 - BIBELE

4 “Ona ke mosebetsi wa bara ba Kohate, ka Tenteng ya Morena; tsohle tse halalelang ka ho fetisisa di tla hlokomelwa ke bona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ke ena tshebetso ya bara ba Kehathe ka tenteng ya pokano, bakeng sa ntho tse kgethehileng ka ho fetisa.

Ver Capítulo Copiar




Numere 4:4
11 Referencias Cruzadas  

Davida a ba arola dihlopha tse tharo, ho ya ka bara ba Levi, e leng Gereshone, le Kohate, le Merari.


Jwale ba morabe wa Kohate, ba neng ba jara dintho tse halalelang, ba tswela pele leetong, mme Tente ya Morena e ile ya hlongwa pele ba fihla.


“Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.


Hore ba tle ba phele, ba se ke ba eshwa, ere ha ba atamela dintho tse halalelang ka ho fetisisa le ba etse tjena: Arone le bara ba hae ba kene ka Sehalalelong, ba abele e mong le e mong wa bona mosebetsi wa hae, le seo a tla se jara,


“Ona ke mosebetsi wa malapa a Gereshone: ho sebeletsa le ho jara.


ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mararo ho ya hodimo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


ho tloha ka ba nang le dilemo tse mashome a mararo, ho ya fihla ho ba dilemo tse mashome a mahlano; bana bohle e be bona ba tla sebeletsa ka Tenteng ya Morena.


Etlare ha ho tlohuwa mo ho neng ho hlomilwe teng, Arone le bara ba hae ba theole lesira la seotlwana, mme ka lona ba kwahele areka ya selekane.


Empa bara ba Kohate ha a a ka a ba nea letho, hobane mosebetsi wa bona e ne e le wa ho jara dintho tse halalelang tsa Sehalalelo.


Ho jwalokaha motho a eta, a siya ntlo ya hae, a nea bahlanka ba hae matla, e mong le e mong mosebetsi wa hae, a ba a laela molebedi wa monyako ho lebela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos