Ho tloha mohla ke nyollang Baiseraele naheng ya Egepeta, ho fihlela kajeno, ha ke eso ka ke dula ka tlung; ke nnile ka kena tenteng e nngwe, ka tswa, ka kena ho e nngwe; ka kena leahong le leng, ka tswa, ka kena ho le leng.
“Ba etse areka ka dithupa tsa sefate sa mositsane; bolelele ba yona e be disenthimethara tse lekgolo le leshome, bophara ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, mme bophahamo ba yona e be disenthimethara tse mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.
Ke tla kopana le wena hona moo, ke bue le wena ke le hodima sekwahelo sa tefelo ya sebe, pakeng tsa dikerubime tse pedi, tse hodima areka ya selekane. Ke tla o nea melao yohle ya bana ba Iseraele.”
“O tla etsa lesira ka lesela le leputswa, le le perese, le le lefubedu, le le entsweng ka lesela la lene, le loehileng; e be le entsweng ke ditsebi, le homilweng ditshwantsho tsa dikerubime.
Yaba ho bulwa tempele ya Modimo e lehodimong, mme ha bonahala areka ya selekane ka ho yona. Ha eba teng mahadima, le medumo, le letolo, le tshisinyeho ya lefatshe, le sefako se dinaka.