Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 4:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Etlare ha phutheho e tloha, Aarone le bara ba hae ba tla kena, ba fanyolle lesira la karohanyo; ba tla kwahela areka ya bopaki ka lona;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Etlare ha ho tlohuwa mo ho neng ho hlomilwe teng, Arone le bara ba hae ba theole lesira la seotlwana, mme ka lona ba kwahele areka ya selekane.

Ver Capítulo Copiar




Numere 4:5
23 Referencias Cruzadas  

Bara ba Balevi ba jara areka ya Modimo mahetleng a bona ka dithupa tse ho yona, jwalokaha Moshe a ne a laetse, ka polelo ya Jehova.


haele Balevi, ha ba sa na ho jara tabernakele leha e le mesebetsi yohle ya tshebetso.


A etsa le lesela la purepera le sekarelata le vermilione le lene e ntle, mme a le kgabisa ka dikerubime.


Yaba ho etswa lesira la purepera le sekarelata, le krimsone, le lene e ntle e lohilweng, ka mokgwa wa mosebetsi o homilweng ka dikerubime;


O tle o kenye ho yona areka ya bopaki, o sireletse areka ka lesira.


Aletare ya kgauta ya dibano, o tla e bea pela areka ya bopaki, o bee lesela le homilweng monyakong wa tabernakele.


Thabeng ena o tla tlosa lesira le siretseng batho bohle, le kobo e kwahetseng ditjhaba kaofela.


Jehova a re ho Moshe: Bolella moholwane wa hao Aarone, hore a se ke a nna a kena kamehla yohle sehlalelong kamora lesira pela sekwahelo se leng hodima areka, hore a se tlo shwa; hobane ke tla iponahatsa lerung hodima sekwahelo.


Folaga ya ntlo ya bana ba Juda ya tloha pele: ba tloha ka makgotla a bona; lekgotla la Juda le ne le laolwa ke Nasone, mora Amminadabe;


Etlare ha phutheho e tloha, mme Aarone le bara ba hae ba qetile ho phutha dintho tsa sehalalelo le mesebetsi yohle ya sehalalelo, bara ba Kehathe ba tla kena ho di jara. Ba se ke ba ama dintho tse kgethehileng, ba se tshohe ba eshwa. Ke eo phahlo ya bara ba Kehathe ho tsa tente ya pokano.


Ke ena tshebetso ya bara ba Kehathe ka tenteng ya pokano, bakeng sa ntho tse kgethehileng ka ho fetisa.


Empa a se ke a nea bara ba Kehathe letho, kahobane ba ne ba beetswe tshebetso ya ho jara ntho tsa sehalalelo ka mahetla a bona.


Mme hang, lesela la tempele la hahoha kalehare, ho qala hodimo ho isa tlase; lefatshe la sisinyeha, le mafika a kgephoha;


Moshe a ngola molao ona, mme a o nea baprista, bana ba Levi, ba jarang areka ya selekane sa Jehova, le baholo bohle ba Iseraele.


e leng tsela e ntjha e isang bophelong, eo a re hleketseng yona, e phunyang lesira, ke ho re, nama ya hae;


Mme kamora lesira la bobedi, e ne e le sebaka sa tabernakele se bitswang sehalaledisiso;


Feela, Jehova a otla banna ba Bethe-Shemeshe, kahobane ba kile ba nyarela ka arekeng ya Jehova; a otla batho ba mashome a supileng (le ba dikete tse mashome a mahlano), mme setjhaba sa lla, kahobane Jehova a otlile setjhaba ka kotlo e kgolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos