Mohlanka wa hao o fumane mohau ho wena, mme o nkgauhetse haholo ka ho mpholosa. Empa ke sitwa ho balehela thabeng, esere koduwa ya mphumana, mme ka shwa.
Numere 32:5 - BIBELE Yaba ba re: “Haeba o re hauhetse, re nee naha ena e be lefa la rona, o se ke wa re re tshele Jorodane.” Sesotho 1909/1961 (SO) Ba eketsa ba re: Haeba re fumane mohau pela mahlo a hao, naha eo e ke e newe bahlanka ba hao, ba e rue; o se ke wa re tshedisa Jordane. |
Mohlanka wa hao o fumane mohau ho wena, mme o nkgauhetse haholo ka ho mpholosa. Empa ke sitwa ho balehela thabeng, esere koduwa ya mphumana, mme ka shwa.
Joabe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a lakaletsa kgosi mahlohonolo, mme a re: “Oho, monga ka, kgosi ya ka, kajeno mohlanka wa hao o a tseba hore o mo hauhetse, hobane kgosi e phethahaditse kopo ya mohlanka wa yona.”
Ha kgosi e bona Esetere a eme ka seotlwaneng, ya mo hauhela, yaba e mo supa ka lere la yona la kgauta, leo e neng e le tshwere. Esetere a atamela, a ama ntlha ya lere la kgosi.
Morena o bua tjena: “Setjhaba se ileng sa phonyoha sabole se ile sa fumana mohau, sa o fumana lehwatateng, ha ke ne ke eya ho phomotsa Iseraele.”
tseo Morena a di hapileng ha setjhaba sa Iseraele se ntse se tswela pele, ke naha ya makgulo a dikgomo, mme rona, bahlanka ba hao, re na le dikgomo.”
Yaba Moshe o re ho bara ba Gade le ho bara ba Rubene: “Bana babo lona ba ile ntweng; lona le kgotsofalla ho dula moo?
“Le nna Morena o ile a nkgalefela ka baka la lona, a re: ‘Le wena o ke ke wa kena naheng eo.
Joshua a re: “Oho, Morena Modimo, ke ka baka lang o tshedisitseng setjhaba see noka ya Jorodane, ho tla neelana ka rona matsohong a Baamore, hore ba re timetse? Hoja ebe re ile ra kgotsofalla ho aha mose wane ho Jorodane!
Ruthe a itihela fatshe ka sefahleho, a isa hlompho, a re ho Boase: “Ke ka baka lang ha o nkgauhetse, mme o nketse hloko, athe ke moditjhaba?”
Davida a boela a hlapanya, a re: “Ntatao o tseba hantle hore o nthata haholo; ke ka baka lena a itseng: ‘Jonathane a se ke a tseba taba ena, esere ya mo utlwisa bohloko.’ Ruri ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena: Bophelo ba ka bo itshwareletse ka ntekeletsane.”