Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 20:3 - BIBELE

3 Davida a boela a hlapanya, a re: “Ntatao o tseba hantle hore o nthata haholo; ke ka baka lena a itseng: ‘Jonathane a se ke a tseba taba ena, esere ya mo utlwisa bohloko.’ Ruri ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena: Bophelo ba ka bo itshwareletse ka ntekeletsane.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 20:3
18 Referencias Cruzadas  

Itai a araba kgosi, a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka monga ka, kgosi ya ka e phelang, moo monga ka, kgosi ya ka, a tla ba teng, ebang o tla shwa kapa a phele, le hona moo mohlanka wa hao o tla ba hona teng.”


Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Bethele.” Empa Elisha a re ho yena: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Kahoo ba theohela Bethele.


Elia a re ho Elisha: “Elisha, sala mona, ke a o rapela, hobane Morena o nthomile Jeriko.” Empa Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Yaba ba ya Jeriko.


Yaba Elia o re ho Elisha: “Ke a o rapela: Sala mona, hobane Morena o nthomile Jorodane.” Elisha a re: “Ke hlapanya ka Morena ya phelang, le ka wena, hore nke ke ka kgaohana le wena.” Ba tswela pele bobedi ba bona.


Marapo a lefu a ne a ntlamile, maraba a Nqalo ya Bafu a ntshwasitse, ka ba matswalong le maswabing.


Kgosi Sedekiya a hlapanyetsa Jeremia ka lekunutu, a re: “Ka Morena ya phelang, ya re neileng bophelo, nke ke ka o bolaya kapa ka neelana ka wena matsohong a banna bana ba batlang ho o bolaya.”


ha o ka hlapanya ka nna Morena ya phelang, wa hlapanya ka nnete le ka botshepehi, le ka ho loka, ditjhaba tsohle ke tla di hlohonolofatsa, ditjhaba tsohle di tla ntlotlisa.”


Le tla phela ka matswalo, le be le tshabo motsheare le bosiu, le se ke la phela ka boiketlo.


“O tshabe Morena Modimo wa hao, o sebeletse yena, o ikane ka lebitso la hae.


Etswe batho ba hlapanya ka e moholo ho ba feta, mme dikgang tsohle tsa bona di fediswa ka ho ikana.


Anna a re: “Oho, monga ka, ke hlapanya ka wena, monga ka, hore ke nna mosadi ya kileng a ema pela hao mona, a rapela Morena.


E ne e ile yare ha Saule a bona Davida a etswa ho ya lwana le Mofilesita, a re ho Abinere, molaodi wa lebotho: “Abinere, moshanyana eo ke mora wa mang?” Abinere a re: “Ke hlapanya ka kgosi ya ka e phelang: Ha ke tsebe!”


Jonathane a re ho yena: “Hase ntho e ka etsahalang eno! O ke ke wa ba wa bolawa! Ha ho letho le leholo kapa le lenyenyane, leo ntate a ka le etsang a sa mpolella lona. Jwale a ka mpatela taba ee hobaneng? Ha ho jwalo!”


Yaba Jonathane o re ho Davida: “O rata ha ke o etsetsa eng?”


“Jwale he, monga ka, Morena o o thibetse ho tsholla madi, le ho hlatsa bohale ba hao, ka ho iphetetsa ka letsoho la hao. Ka baka leo, ke hlapanya ka Modimo ya phelang, le ka wena, hore dira tsa hao, le ba o lakaletsang bobe ba tla ba jwaloka Nabale.


Davida a bua ka pelo, a re: “Ka letsatsi le leng Saule o tla qetella a mpolaile. Ho molemo hore ke ipalehelle naheng ya Bafilesita, a tle a ntele, a se ke a hlola a mpatla naheng yohle ya Iseraele. Ka mokgwa o jwalo ke tla phonyoha.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos