Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Genese 19:19 - BIBELE

19 Mohlanka wa hao o fumane mohau ho wena, mme o nkgauhetse haholo ka ho mpholosa. Empa ke sitwa ho balehela thabeng, esere koduwa ya mphumana, mme ka shwa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 bona hle, mohlanka wa hao o fumane mohau mahlong a hao, mme lereko la hao le bile leholo leo o nthekolohetseng ka lona, wa boloka bophelo ba ka; empa nna ke sitwa ho balehela thabeng, kotsi e ka tshoha e nkwela hodimo, ka shwa.

Ver Capítulo Copiar




Genese 19:19
20 Referencias Cruzadas  

Jwale o tle o re o kgaitsedi ya ka, ke tle ke amohelehe, mme ke pholohe ka baka la hao.”


Lota a re: “Ho se be jwalo, hle, Morena wa ka.


Bona, motse ono o haufi hoo nka balehelang ho wona, o bile o monyenyane. A nke ke balehele ho wona hle! Na ha o monyenyane, hore ke tle ke pholohe?”


Lota a nyoloha Soware, a ya aha dithabeng le baradi ba hae ba babedi, hobane o ne a tshaba ho aha Soware; yaba o phela lehaheng le baradi ba hae ba babedi.


Monga Josefa a mo hauhela, mme Josefa a mo sebeletsa. Monga hae a mo etsa mookamedi wa lelapa la hae, le molaodi wa tsohle tseo a nang le tsona.


Empa Nowe yena a hauhelwa ke Morena.


Ba tla be ba ikarabe, ba re: ‘Ke kahobane Baiseraele ba furaletse Morena Modimo wa bona, ya ileng a ntsha bo-ntata bona naheng ya Egepeta. Jwale ba kgomaretse medimo e meng, ba a e kgumamela, ba a e sebeletsa, mme ka baka lena Morena o ba tliseditse bobe bona bohle.’ ”


A ba araba, a re: “A moloko o sa dumeleng! Ke tla ba le lona ho fihlela neng? Ke tla le mamella ho fihlela neneng? Mo tliseng ho nna!”


Ba ahisaneng le yena le bang ka yena ba utlwa hore Morena o mo ekeleditse mohau, mme ba thaba le yena.


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


Mohlang hoo ho etsahalang, ke tla se halefela haholo, ke se furalle, ke se patele sefahleho sa ka. Se tla timela, se hlahelwe ke bomadimabe bo tshabebang le ditsietsi tse ngata. Mohlang oo se tla re: ‘Na hase hobane Modimo wa rona a le siyo kahara rona, ha e le moo re hlahelwa ke bomadimabe boo?’


Davida a bua ka pelo, a re: “Ka letsatsi le leng Saule o tla qetella a mpolaile. Ho molemo hore ke ipalehelle naheng ya Bafilesita, a tle a ntele, a se ke a hlola a mpatla naheng yohle ya Iseraele. Ka mokgwa o jwalo ke tla phonyoha.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos