Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 32:4 - BIBELE

4 tseo Morena a di hapileng ha setjhaba sa Iseraele se ntse se tswela pele, ke naha ya makgulo a dikgomo, mme rona, bahlanka ba hao, re na le dikgomo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 naha eo Jehova a e otlileng pela phutheho ya Iseraele, ke lefatshe le tshwanelang mehlape, mme bahlanka ba hao ba na le mehlape.

Ver Capítulo Copiar




Numere 32:4
9 Referencias Cruzadas  

Banna bana ba boletsweng ka mabitso ba ne ba fihle mehleng ya Hesekiya, kgosi ya Juda. Ba futuhela diahelo tsa Bahame le tsa Bameune ba neng ba ahile moo, ba ba ripitla ho hang, jwalokaha ho ntse ho bonahala le kajeno-ya-bokajeno. Jwale ba aha naheng eo ya bona, hobane mehlape ya bona e ne e fumane makgulo.


Ke tla busetsa Baiseraele makgulong a bona, ba fule Karamele, ba fule le Bashane; ba fule thabeng ya Efraime, ba fule le Gileade, di ba fepe di be di ba kgorise.


Morena, ka lere la hao alosa mohlape wa hao, alosa mohlape oo e leng lefa la hao, mohlape o dulang o le inotshi kahara moru, o dulang kahara makgulo a nonneng; o ke o fule Bashane le Gileade, o fule teng jwaloka mehleng ya boholoholo.


Baiseraele ba bolaya Sihone ka sabole, ba hapa naha ya hae, ho tloha Arenone ho ya fihla Jaboko, le ho ya fihla naheng ya bana ba Amone, hobane moedi wa bana ba Amone o ne o raletswe.


Morena a re ho Moshe: “O se ke wa mo tshaba, hobane yena, mmoho le setjhaba sa hae sohle, le naha ya hae, ke nehelane ka yena matsohong a hao. O tla mo etsa seo o neng o se etse Sihone, kgosi ya Baamore, ya neng a ahile Heshebone.”


Ba bolaya Oge, le bara ba hae, le setjhaba sa hae sohle, ho fihlela ho se le ya mong ya setseng. Naha ya hae ya eba ya bona.


Yaba ba re: “Haeba o re hauhetse, re nee naha ena e be lefa la rona, o se ke wa re re tshele Jorodane.”


Ditjhaba tse kgolo, tse matla ho le feta, o ile a di leleka kapele ho lona ho le tlisa naheng ya tsona, le ho le nea yona, e le lefa la lona, jwalokaha ho le jwalo ka letsatsi lena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos