Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 32:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Ba eketsa ba re: Haeba re fumane mohau pela mahlo a hao, naha eo e ke e newe bahlanka ba hao, ba e rue; o se ke wa re tshedisa Jordane.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Yaba ba re: “Haeba o re hauhetse, re nee naha ena e be lefa la rona, o se ke wa re re tshele Jorodane.”

Ver Capítulo Copiar




Numere 32:5
11 Referencias Cruzadas  

bona hle, mohlanka wa hao o fumane mohau mahlong a hao, mme lereko la hao le bile leholo leo o nthekolohetseng ka lona, wa boloka bophelo ba ka; empa nna ke sitwa ho balehela thabeng, kotsi e ka tshoha e nkwela hodimo, ka shwa.


Joabe a itihela fatshe ka sefahleho, a kgumama, a boka morena. Joabe a ba a re: Kajeno lena, mohlanka wa hao o tseba hobane o bone mohau ho wena, monga ka, hobane morena o entse se kopilweng ke mohlanka wa hae.


Eitse ha morena a bona mofumahadi Esthere a eme lebaleng, a fumana mohau mahlong a hae, mme morena a nanabelletsa Esthere lere la kgauta le letsohong la hae; yaba Esthere o atamela, a ama ntlha ya lere.


Ho itswe ke Jehova: Setjhaba se siilweng ke lerumo se bone mohau lefeelleng; a re yeng, re tle re nee Iseraele phomolo.


naha eo Jehova a e otlileng pela phutheho ya Iseraele, ke lefatshe le tshwanelang mehlape, mme bahlanka ba hao ba na le mehlape.


Moshe a araba bara ba Gade le bara ba Rubene, a re: Hleka banababo lona ba tla ya ntweng, lona le setse kwano na?


Le nna, Jehova a nkgalefela ka baka la lona, a re: Le wena o ke ke wa kena teng.


Joshua a ntoo re: Oho, Morena Jehova, o ne o tshedisetsang tjhaba sena Jordane, ho tla re neela matsohong a Baamore, hore ba re timetse? Hoja ra dumela ho itulela mose wane wa Jordane!


Yaba Ruthe o itihela fatshe ka sefahleho, a mo kgumamela, a re: Ke bone mohau jwang pela hao, ha o nkela hloko; athe ke motho wa ditjhaba?


Davida a hlapanya, a eketsa a re: Ntatao o tsebisisa ruri hobane ke bone mohau ho wena; ke moo a itseng: Jonathane a se ke a tseba, esere mohlomong a hlomoha; empa kannete, ka Jehova ya utlwang le ka moya wa hao o utlwang, ke sebakanyana se kang sa ho hata hang feela mahareng a ka le lefu.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos