Yaba Davida o re: “Ho se be ya ka jarang areka ya Modimo, haese Balevi feela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena hore ba jare areka ya Modimo, mme ba mo sebeletse kamehla yohle.”
Numere 3:9 - BIBELE Balevi bona o ba nee Arone le bara ba hae; ke mo neile bona ka ho tlala hara bana ba Iseraele. Sesotho 1909/1961 (SO) O tla nea Aarone le bara ba hae Balevi: o ba kgethe ho bana ba Iseraele, o mo nee bona ruri. |
Yaba Davida o re: “Ho se be ya ka jarang areka ya Modimo, haese Balevi feela, hobane bona ba kgethilwe ke Morena hore ba jare areka ya Modimo, mme ba mo sebeletse kamehla yohle.”
Bana ke bona banna ba neng ba sebeletsa, hammoho le bara ba bona: Ba morabe wa Kohate: Hemane wa kgeleke ke mora wa Joele, setloholo sa Samuele,
Ba hlophisa baprista ho ya ka dihlopha tsa bona, le Balevi ho ya ka mesebetsi ya bona, bakeng sa tshebeletso ya Modimo Jerusalema, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Moshe.
Ba ba romela le basebeletsi ba Tempele, bao bo-Davida le mahosana ba neng ba ba kgethetse ho thusa Balevi. Basebeletsi bohle ba Tempele ba ne ba le makgolo a mabedi le mashome a mabedi. Mabitso a bona bohle a ne a ngotswe bukeng.
Na ke ntho e nyenyane hore ebe Modimo wa Iseraele o le arotse ho setjhaba sa Iseraele, hore a le atametse pela hae, hore le sebeletse ka Tenteng ya Morena? Le hore le eme kapele ho setjhaba, le se sebeletse?
O tlise le bana beno, ba morabe wa Levi, e leng morabe wa bo-ntatao; o ba atametse pela hao, ba tle ba o thuse, ba o sebeletse kapele ho Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.
Ba tla boloka dijana tsohle tsa Tente ya Morena, ba etse ditshebeletso tsa bana ba Iseraele le ditshebeletso tsa Leaho.
“Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba ka ka ho tlala. Ke inketse bona bakeng sa matsibolo wohle a bana ba Iseraele.
Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba neile Arone le bara ba hae, hore Balevi ba tle ba sebeletse bana ba Iseraele ka Tenteng ya Morena, ba etsetse bana ba Iseraele tefelo ya sebe hore ho se tshohe ho eba le sewa hara bana ba Iseraele, ha ba atamela Sehalalelong.”
Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti,
Ke ka baka leo ho thweng: “O ile a nyolohela hodimo, a thopile batshwaruwa; a nea batho dineo.”