Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 4:8 - BIBELE

8 Ke ka baka leo ho thweng: “O ile a nyolohela hodimo, a thopile batshwaruwa; a nea batho dineo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ke ka baka leo ho itsweng: Eitse hobane a nyolohele lehodimong, o isitse kgolehong ba holehilweng ba bangata, mme o neile batho dineo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

8 Ke ka baka leo o re: Eitse hobane a nyolohele hodimo, a hapile baholehuwa, a nea batho dineo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

8 Ke ka baka leo o re: Eitse hobane a nyolohele hodimo, a hapile baholehuwa, a nea batho dineo.

Ver Capítulo Copiar




Baefese 4:8
7 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya etsetsa mahosana a yona le bahlanka ba yona mokete o moholo, e leng mokete wa Esetere. Kgosi ya laela hore letsatsi leo e be la phomolo dinaheng tsa yona; ya fana le ka dimpho tse lokelang boemo ba kgosi.


Kariki tsa Modimo tsa ntwa ke kete tsa dikete, ka tsona Morena o tlile Sehalalelong, o tlile Sehalalelong sa hae a etswa Sinai.


Ya nyolohetseng lehodimong a ba a theoha ke mang? Ya fupereng moya ka diatla tsa hae ke mang? Ya bokeletseng metsi ka aparong sa hae ke mang? Ya sehileng meedi ya dipheletso tsa lefatse ke mang? Lebitso la hae ke mang? La mora wa hae lona ke mang? Haeba o a tseba, bolela!


Ke yena ya ileng “a nea” ba bang ho ba baapostola, ba bang baporofeta, ba bang baboledi ba molaetsa o molemo, ba bang badisa, ba bang baruti,


Ka sona meya e busang le e okamelang, ya amohuwa matla a yona ke Kreste; a e hobosa, a e kenya mokolokong wa hae wa tlholo e le bathopuwa.


“ ‘Phaphama, phaphama, Debora! Phaphama, phaphama, phokola sefela! Tsamaya Barake, mora wa Abinoame, o kganne bathopuwa ba hao!’


Ha Davida a fihla Sikelage, a romela kgapo e nngwe ho baholo ba Juda, e leng metswalle ya hae, a re: “Mpho ya lona, ya tse hapilweng ho dira tsa Morena, ke eo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos