Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:2 - BIBELE

2 O tlise le bana beno, ba morabe wa Levi, e leng morabe wa bo-ntatao; o ba atametse pela hao, ba tle ba o thuse, ba o sebeletse kapele ho Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Atametsa banabeno ho wena, ba leloko la Levi, ba leloko la ntatao, ba tle ba o kgomarele, mme ba o sebeletse mohla wena le bara ba hao le leng pela tente ya bopaki.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:2
16 Referencias Cruzadas  

Ya boela ya eba moimana, a tswala mora, mme a re: “Jwale monna wa ka o tla nkgomarela, hobane ke mo tswaletse bara ba bararo.” Ka baka lena, enwa a mo rea lebitso la Levi.


Ba ema ditulong tsa bona ho ya ka tlwaelo ya bona, ho latela Molao wa Moshe, mohlanka wa Modimo. Baprista ba foka ka madi ao ba a neilweng ke Balevi.


Empa ba tla nne ba sebeletse ka Sehalalelong sa ka, ba hlokomele dikgoro tsa Tempele, mme ba sebeletse ka ho yona. Ba tla hlaba diphoofolo tsa nyehelo ya setjheso le tsa mahlabelo a etsetswang setjhaba, mme ba eme kapele ho sona ba se sebeletse.


“ ‘Ha e le baprista bao e leng Balevi, ditloholo tsa Sadoke, ba ileng ba sebeletsa ka Sehalalelong sa ka ha bana ba Iseraele ba mphuralla, ba tla atamela ho nna ho tla ntshebeletsa, mme ba eme kapele ho nna ho nyehela ka mahlabelo a mafura le a madi, ho rialo Morena Modimo.


Kahoo le tla tseba hore ke nna ya le neileng taelo e le hore selekane sa ka le Levi se se ke sa fela,” ho rialo Morena wa mabotho.


Balevi bona ba tla robala ba potapotile Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane, e le hore setjhaba sa bana ba Iseraele se se ke sa halefelwa ke Modimo. Balevi ba tla lebela Tente ya Morena e kentseng areka ya selekane.”


Hona e tla ba kgopotso ho bana ba Iseraele, hore motho e mong osele eo e seng setloholo sa Arone, a se ke a atamela kapele, ho tjhesetsa Morena mokubetso, esere a ba jwaloka Kora le balatedi ba hae, jwalokaha Morena a ile a bua le Kora ka Moshe.


Moshe a bea melamu ena kapele ho Morena, ka Tenteng ya Morena e kentseng areka ya selekane.


“Ba tla o thusa ho sebeletsa, ba hlokomele Tente ya Morena, tshebeletsong yohle ya yona. Ho se be e mong osele ya ka atamelang ho lona.


Morena a bua ho Moshe, a re:


“Ha Arone le bara ba hae ba qetile ho kwahela Sehalalelo, le dijana tsohle tsa sona, mme ho tlohuwa moo ho neng ho hlomilwe teng, bara ba Kohate ba tla tla, ba nke Sehalalelo, empa ba se ke ba ama dintho tse halalelang, esere ba eshwa. Ena ke mesebetsi ya bara ba Kohate ka Tenteng ya Morena.


Hara bana ba Iseraele, Balevi ke ba neile Arone le bara ba hae, hore Balevi ba tle ba sebeletse bana ba Iseraele ka Tenteng ya Morena, ba etsetse bana ba Iseraele tefelo ya sebe hore ho se tshohe ho eba le sewa hara bana ba Iseraele, ha ba atamela Sehalalelong.”


Kamora moo, Balevi ba kena ka Tenteng ya Morena ho ya sebeletsa ba le tlasa taolo ya Arone le bara ba hae. Jwalokaha Morena a ne a laetse Moshe, malebana le Balevi, ba etsa Balevi jwalo.


Ho ya ka ditlhopiso tseo, baprista ba kena kamehla karolong ya pele ya Tente ho phetha tsa bosebeletsi ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos