Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 18:1 - BIBELE

1 Morena a re ho Arone: “Wena le bara ba hao, le ba lelapa la ntatao, le tla ikarabella bakeng sa bokgopo bo ka silafatsang Sehalalelo. Wena le bara ba hao le tla jara bokgopo ba boprista ba lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova a re ho Aarone: Wena le bara ba hao, le ba ntlo ya ntatao, le tla jara melato e etswang dinthong tse halalelang; wena le bara ba hao, le tla jara melato e etswang tshebetsong ya boprista ba lona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 18:1
22 Referencias Cruzadas  

Moqhaka oo o be phatleng ya Arone, a tle a jare melato e ka etswang ke bana ba Iseraele, ha ba fana ka dimpho tsa bona tse halalelang. O tla nne o be phatleng ya hae kamehla, e le hore dimpho tseo tsa bona di tle di amohelehe ho Morena.


Ha moya wa hae o so hlokofaditswe, o tla bona tholwana tsa ho hlokofatswa ha hae. Mohlanka wa ka ya lokileng o tla lokafatsa, a lokafatse ba bangata ka tsebo ya hae, a be a jare le makgopo a bona.


Rona bohle re tshwana le dinku tsa malahleha, motho ka mong o iketse ka tselana ya hae, Morena o mmelesitse makgopo a rona bohle.


“O paqame ka lehlakore la letsoho le letshehadi, mme nna ke tla o jarisa bokgopo ba ntlo ya Iseraele. O tla jara bokgopo boo ba bona ho ya ka palo ya matsatsi ao o tla paqama fatshe ka wona.


“Ke ka baka lang ha nyehelo e tlosang sebe le sa ka la e jella Sehalalelong, kaha e halalela ka ho fetisisa? Le e filwe hore e hlakole sebe sa phutheho, ka ho etsetsa phutheho eo tefelo ya sebe kapele ho Morena.


ba se ke ba itjarisa molato wa bokgopo ka ho ja dintho tse halalelang, hobane ke nna Morena ya ba halaletsang.’ ”


“ ‘Ba tla boloka taelo ya ka, hore ba se ke ba ipelesa sebe ka lebaka la yona, mme ba eshwa, hobane ba e silafaditse.


Jwalokaha le ile la hlwela naha ka matsatsi a mashome a mane, le tla jara bokgopo ba lona ka dilemo tse mashome a mane, e leng hore letsatsi ka leng le lekana le selemo. Kahoo le tla tseba hore na ho ntwantsha ke eng.’


Le hore ebe o o atameditse pela hae, wena hammoho le bana beno, bara ba Levi? Na le wena o batla ho ba moprista?


E mong le e mong ya atamelang, ya atamelang Tente ya Morena, o tla shwa! Na bohle re fela re tla shwa?”


Lebitso la Arone lona o le ngole hodima molamu wa Levi. Mookamedi e mong le e mong wa lelapa la bo-ntatae a be le molamu o le mong.


Moshe a bea melamu ena kapele ho Morena, ka Tenteng ya Morena e kentseng areka ya selekane.


“Tsena e tla ba tsa hao: mpho ya bona ya nyehelo e phahamiswang, le nyehelo tsohle tse akgotswang tsa bana ba Iseraele. Ke o neile tsona, wena le bara ba hao, le baradi ba hao, e le molao wa mehla yohle. Bohle ba lelapa la hao ba hlwekileng ba tla di ja.


“Atametsa ba morabe wa Levi, o ba hlahise kapele ho moprista Arone, hore ba mo sebeletse.


Ka yona nako eo Morena a khetha ba morabe wa Levi, hore ba jare areka ya selekane sa Morena, ba eme kapele ho Morena, ba mo sebeletse, ba hlohonolofatse ka lebitso la hae ho fihlela kajeno.


Mamelang batsamaisi ba lona, le ipee tlasa bona. Ba a le hlokomela, kaha ba tla ikarabella ka lona. Etsang hore ba phethe hoo ka thabo, e seng ka maswabi, hobane ha ba etsa ka maswabi, hoo ho ke ke ha le tswela molemo wa letho.


Moprista wa rona e Moholo hase ya ka sitwang ho re utlwela bohloko mefokolong ya rona, hobane ke ya ileng a lekwa ka ditsela tsohle jwaloka rona, empa a se ke a etsa sebe.


Yena, ka mmele wa hae, o ile a isa dibe tsa rona sefapanong, hore re tle re shwe ka nqeng ya sebe, mme re phele ka nqeng ya ho loka. Ke yena eo le fodisitsweng ke maqeba a hae.


Mmika a hlomamisa Molevi; mohlankana enwa ya eba moprista wa hae, mme a phela tlung ya Mmika.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos