Aborahama a phahamisa mahlo, mme a tadima, a bona pheleu kamora hae, dinaka tsa yona di tshwasitswe sehlahleng. Aborahama a ya, a nka pheleu, mme a etsa sehlabelo sa setjheso ka yona, bakeng sa mora wa hae.
Numere 23:3 - BIBELE Jwale Bileame a re ho Balake: “Ema pela nyehelo ya hao ya setjheso, mme ke tla tsamaya, mohlomong Morena o tla tla nkgahlanyetsa. Eng kapa eng eo a mpontshang yona, ke tla o bolella yona.” Bileame a ikela a le inotshi hodima leralla le se nang letho. Sesotho 1909/1961 (SO) Balaame a re ho Balake: Ema mona pela setjheso sa hao, mme ke tla ya thokonyana; mohlomong Jehova a ka tshoha a nkgahlanyetsa, mme ke tla o bolella seo a tla ntshenolela sona. Mme a ya phenyoleng. |
Aborahama a phahamisa mahlo, mme a tadima, a bona pheleu kamora hae, dinaka tsa yona di tshwasitswe sehlahleng. Aborahama a ya, a nka pheleu, mme a etsa sehlabelo sa setjheso ka yona, bakeng sa mora wa hae.
Modimo a re: “Jwale nka mora wa hao ya mong feela, eo o mo ratang, Isaka, o ye naheng ya Moria, mme ka yena o etse sehlabelo sa setjheso, hodima e nngwe ya dithaba, eo ke tla o supisa yona.”
Jwale Nowe a hahela Morena aletare, mme a kgetha diphoofolong tsohle tse sa ileheng, le dinonyaneng tsohle tse sa ileheng, mme ka tsona a etsa sehlabelo sa setjheso aletareng.
Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, a nyehella Modimo ka sehlabelo sa setjheso, le ka mahlabelo a mang. Arone, le baholo bohle ba Baiseraele, ba tla ho ja dijo le mohwe wa Moshe, kapele ho Modimo.
Bileame a mo arabela, a re: “Na ha ho jwalo? Ha ke a tshwanela ho bua seo Morena a itseng ke se bue?”
Bileame a re ho Balake: “Ema mona pela nyehelo ya hao ya setjheso. Ke tla kopana le Morena mose mane.”
Balake a etsa jwalokaha Bileame a mo kopile. Balake le Bileame ba nyehela ka pohwana le pheleu hodima aletare e nngwe le e nngwe.
Bileame a arabela, a re: “Na ha ke a ka ka o bolella hore sohle seo Modimo a se bolelang ke tshwanela ho se etsa?”
Modimo a kopana le Bileame, mme Bileame a re ho yena: “Ke hlophile dialetare tse supileng, mme hodima e nngwe le e nngwe ke nyehetse ka pohwana le ka pheleu.”
Ha Bileame a bona hore ho thabisa Morena ho hlohonolofatsa Iseraele, ha a ka a hlola a ya batla tsa boloi jwaloka pele, empa a tadima lehwatateng.
Hape Diabolosi a mo nka, a mo isa thabeng e telelehadi, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le maruo a yona,
Empa ka se ke ka rata ho mamela Bileame, ka baka leo, a ba a le hlohonolofatsa. Kahoo ka le lopolla matsohong a hae.