Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Genese 22:13 - BIBELE

13 Aborahama a phahamisa mahlo, mme a tadima, a bona pheleu kamora hae, dinaka tsa yona di tshwasitswe sehlahleng. Aborahama a ya, a nka pheleu, mme a etsa sehlabelo sa setjheso ka yona, bakeng sa mora wa hae.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Yare ha Abrahama a emisa mahlo a hae, a tadima, mme a bona pheleu e le kamora hae, e tshwasehile dihlahleng ka manaka; yaba Abrahama o ya, a nka pheleu, mme a e etsa setjheso bakeng sa mora wa hae.

Ver Capítulo Copiar




Genese 22:13
10 Referencias Cruzadas  

La re: “O se ke wa isa letsoho la hao ho moshanyana; o se ke wa mo etsa letho, hobane jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela.”


Aborahama a rea sebaka seo lebitso la Morena o tla Bona, mme le kajeno ho sa ntse ho thwe: “Thabeng, Morena o tla bona.”


Aborahama a araba, a re: “Ngwana ka, Modimo o tla bona, a ipatlele konyana ya sehlabelo sa setjheso.” Yaba ba ntse ba tsamaya mmoho ba babedi.


Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.”


Ha ho meleko e kileng ya le hlahela, e fetang matla a botho. Modimo o a tshepahala, mme a ke ke a dumela hore le lekwe ho feta matla a lona. Ha le lekwa o tla le fa matla a ho mamella, le monyetla wa hore le tsebe ho hlola.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos