Genese 22:12 - BIBELE12 La re: “O se ke wa isa letsoho la hao ho moshanyana; o se ke wa mo etsa letho, hobane jwale ke a tseba hore o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela ka mora wa hao ya mong feela.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)12 La re: Se ise letsoho la hao ho moshanyana, o se ke wa mo etsa letho; hobane jwale, ke a tseba hoba o tshaba Modimo, ha o sa ka wa nkganela le mora wa hao, ya mong ho wena. Ver Capítulo |
Babusisi ba neng ba bile teng pele ho nna, ba ne ba imeditse setjhaba, ba nka dijo le veine ya sona, ntle ho ditjhelete tsa silefera tse ka etsang boima ba dikeramo tse mashome a tsheletseng, tseo e neng e le lekgetho la letsatsi ka leng, la motho ka mong. Esita le bahlanka ba bona ba ne ba ikalatisa hodima setjhaba. Empa nna ha ke a ka ka etsa jwalo, ka lebaka la ho tshaba Modimo.