Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 23:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Balaame a re ho Balake: Ema mona pela setjheso sa hao, mme ke tla ya thokonyana; mohlomong Jehova a ka tshoha a nkgahlanyetsa, mme ke tla o bolella seo a tla ntshenolela sona. Mme a ya phenyoleng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Jwale Bileame a re ho Balake: “Ema pela nyehelo ya hao ya setjheso, mme ke tla tsamaya, mohlomong Morena o tla tla nkgahlanyetsa. Eng kapa eng eo a mpontshang yona, ke tla o bolella yona.” Bileame a ikela a le inotshi hodima leralla le se nang letho.

Ver Capítulo Copiar




Numere 23:3
16 Referencias Cruzadas  

Yare ha Abrahama a emisa mahlo a hae, a tadima, mme a bona pheleu e le kamora hae, e tshwasehile dihlahleng ka manaka; yaba Abrahama o ya, a nka pheleu, mme a e etsa setjheso bakeng sa mora wa hae.


Wa re: Nka mora wa hao, ya mong ho wena, eo o mo ratang, yena Isaaka; o ye naheng ya Moria, o mo etse teng sehlabelo sa setjheso hodima thaba e nngwe eo ke tlang ho o bolella yona.


Yaba Nowe o hahela Jehova aletare, mme ho diphoofolo tsohle tse hlwekileng, le ho dinonyana tsohle tse hlwekileng, a nka tse ding, a di etsa setjheso aletareng.


Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe, o tlisetsa Modimo setjheso le mahlabelo, mme Aarone le baholo kaofela ba Iseraele ba tla ho tla ja bohobe le mohwehadi wa Moshe, pontsheng ya Modimo.


Jehova a bitsa Moshe, a bua le yena a le tenteng ya pokano, a re:


A araba, a re: Ha ke re, ke tshwanetse ho bolela seo Jehova a se beileng molomong wa ka na?


Yaba Balaame o re ho Balake: Ema mona pela setjheso sa hao, mme nna ke tla ya kgahlanyetsa Modimo mane.


Balake a etsa seo Balaame a se boletseng; Balake le Balaame ba hlaba poho le pheleu aletareng e nngwe le e nngwe.


Na hase seo ke o boleletseng sona, ka re: Ke tla etsa tsohle tseo Jehova a tla mpolella tsona na?


Modimo wa tla ho Balaame; mme Balaame a re ho wona: Ke lokisitse dialetare tse supileng, mme ke hlabile poho le pheleu aletareng e nngwe le e nngwe.


Balaame a bona hobane Jehova o rata ho hlohonolofatsa Iseraele; ha a ka a hlola a ya ho batla tsa boloi jwaloka pele; empa a retelletsa sefahleho sa hae ka nqa lefeelleng.


Diabolose a boela a mo nkela thabeng e telele haholo, a mmontsha mebuso yohle ya lefatshe le kganya ya yona,


Ka mpa ka hana ho utlwa Balaame; yaba o a le hlohonolofatsa; ka le namolela jwalo matsohong a hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos