Eksoda 18:12 - BIBELE12 Jwale Jethero, mohwe wa Moshe, a nyehella Modimo ka sehlabelo sa setjheso, le ka mahlabelo a mang. Arone, le baholo bohle ba Baiseraele, ba tla ho ja dijo le mohwe wa Moshe, kapele ho Modimo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)12 Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe, o tlisetsa Modimo setjheso le mahlabelo, mme Aarone le baholo kaofela ba Iseraele ba tla ho tla ja bohobe le mohwehadi wa Moshe, pontsheng ya Modimo. Ver Capítulo |
Ha mokete o mong le o mong o ne o fedile, Jobo o ne a ye a ba bitse, a ba hlwekise, a tsohe ka madungwadungwana, a etsetse e mong le e mong wa bona nyehelo ya setjheso, hobane ka pelong ya hae o ne a ye a re: “Mohlomong bara ba ka ba ile ba sitelwa Modimo, ba mo nyefola ka dipelong tsa bona.” Jobo o ne a ye a etse hona kamehla.
Jwale bana babo kaofela, le dikgaitsedi tsa hae kaofela, le bohle ba neng ba tsebana le yena pele ho mona ba tla ho yena. Ba fihla ba eja dijo le yena, ba le ka tlung ya hae, ba mo tshedisa malebana le bobe bohle boo Morena a ileng a mo tlisetsa bona. Motho ka mong wa bona a mo nea tjhelete ya kesita, le reng ya kgauta.
Ka baka lena, nkang dipoho tse supileng le dipheleu tse supileng, le ye ho Jobo, mohlanka wa ka, le iketsetse nyehelo ya setjheso. Jobo, mohlanka wa ka, o tla le rapella. Nna ke tla ananela thapelo ya hae, ke se ke ka le otla ho ya ka bothoto ba lona, hobane ha le a ka la bua ka nna ka mokgwa o tshwanelang, jwalokaha Jobo, mohlanka wa ka, yena a ile a bua.”