Tsamayang! Tsamayang le tlohe mona! Le se ame letho le silafetseng! Tswang Babilona le itlhwekise, lona ba nkang dijana tsa Morena.
Numere 19:16 - BIBELE “Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng. Sesotho 1909/1961 (SO) E mong le e mong ya tla ama motho ya bolailweng naheng ka lerumo, kapa setopo, kapa masapo a batho, kapa lebitla, etlaba ha a hlweka ho fihlela matsatsi a supileng. |
Tsamayang! Tsamayang le tlohe mona! Le se ame letho le silafetseng! Tswang Babilona le itlhwekise, lona ba nkang dijana tsa Morena.
Morena a re ho Moshe: “Bua le baprista, e leng bara ba Arone, o re ho bona: ‘Moprista a se ke a itshilafatsa ka mofu wa setjhaba sa habo,
“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ofe kapa ofe, o tla dula a le sesila ka matsatsi a supileng.
“Mang kapa mang ya bolaileng motho, le mang kapa mang ya amileng setopo, o tla dula kantle ho diahelo ka matsatsi a supileng. Ka letsatsi la boraro, le ka letsatsi la bosupa, lona, le bathopuwa ba lona, le tla itlhwekisa.
“Laela bana ba Iseraele hore ba leleke balepera bohle kahara diahelo, le bohle ba nang le seso se qhitsang lero, le bohle ba silafaditsweng ke ho ama setopo.
Ho ne ho le teng banna ba bang, ba neng ba ena le sesila ka baka la ho ama setopo sa motho e mong, ba ileng ba sitwa ho etsa mokete wa Paseka ka letsatsi leo. Yaba ba tla kapele ho Moshe le ho Arone ka lona letsatsi leo.
“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a tadimehang a kgahleha kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le dibodu tsohle.
“Le madimabe, hobane le tshwana le mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba tsamayang hodima wona ba sa a lemohe.”