Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 19:15 - BIBELE

15 Sejana se seng le se seng se sa kwahelwang, se na le sesila.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Pitsa e nngwe le e nngwe e kwaholotsweng, e se nang sekwahelo se tlamilweng, etlaba ha ea hlweka.

Ver Capítulo Copiar




Numere 19:15
6 Referencias Cruzadas  

Ntho e nngwe le e nngwe eo di welang hodima yona ha di shwele e tla ba e silafetse; e ka ba sejana se entsweng ka lehong, kapa diaparo, kapa letlalo, kapa mokotla. Ntho e nngwe le e nngwe e sebediswang e tla hlatsuwa ka metsi, empa e tla sala e silafetse ho fihlela ka phirimana, mme kamora moo e tla hlweka.


Sejana se seng le se seng sa letsopa, seo e nngwe ya tsona e welang kahara sona, tsohle tse ka ho sona di tla silafala, mme sejana seo eka kgona le se pshatle.


Moprista o tla laela hore ho ntshwe tsohle tse ka tlung eo, pele a ka kena ka ho yona ho ya hlahloba lefu leo, esere tsohle tse ka tlung tsa ba le sesila. Kamora moo, moprista o tla tla ho hlahloba ntlo.


“Ona ke molao wa ha motho a shwella ka tenteng. Mang kapa mang ya kenang ka tenteng, kapa ya seng a le ka tenteng, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.


Seaparo se seng le se seng, le ntho e nngwe le e nngwe e entsweng ka letlalo, le phahlo e nngwe le e nngwe e entsweng ka boya ba dipodi, le ntho e nngwe le nngwe e entsweng ka lehong, tsena tsohle le tla di hlwekisa.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos