Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 19:14 - BIBELE

14 “Ona ke molao wa ha motho a shwella ka tenteng. Mang kapa mang ya kenang ka tenteng, kapa ya seng a le ka tenteng, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke ona molao wa mohla motho a shwang tenteng e nngwe: Mang le mang ya tla kena tenteng eo, le e mong le e mong ya tla ba tenteng, e tla ba ba sa hlwekang ka matsatsi a supileng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 19:14
13 Referencias Cruzadas  

“ ‘Ka kgwedi tse supileng Baiseraele ba tla nne ba ba epele, e le hore ba hlwekise naha.


Hoba a hlwekiswe, o tla ballwa matsatsi a supileng,


Ona ke molao wa mefuta yohle ya lefu la lepera, le wa mmokwana;


Ona ke molao o etseditsweng monna ya qhitsang lero botoneng ba hae, kapa ya hoshotsang metsi a bonna, mme eba o ba sesila.


Morena a re ho Moshe: “Bua le baprista, e leng bara ba Arone, o re ho bona: ‘Moprista a se ke a itshilafatsa ka mofu wa setjhaba sa habo,


A se ke a kena kamoo ho beilweng setopo; leha e ka ba setopo sa ntatae kapa sa mmae, a se ke a itshilafatsa ka ho kena ka ho sona.


Mang kapa mang ya amang setopo, eba ha a itlhwekise, o silafatsa Tente ya Morena. Motho ya jwalo o tla kgaolwa setjhabeng sa Iseraele, hobane ha a a ka a tshelwa ka metsi a ho itlhwekisa. O tla ba sesila, mme sesila sa hae se tla sallana le yena.


Sejana se seng le se seng se sa kwahelwang, se na le sesila.


Seaparo se seng le se seng, le ntho e nngwe le e nngwe e entsweng ka letlalo, le phahlo e nngwe le e nngwe e entsweng ka boya ba dipodi, le ntho e nngwe le nngwe e entsweng ka lehong, tsena tsohle le tla di hlwekisa.”


“Laela bana ba Iseraele hore ba leleke balepera bohle kahara diahelo, le bohle ba nang le seso se qhitsang lero, le bohle ba silafaditsweng ke ho ama setopo.


Ka matsatsi wohle a hae a ho ikabela Morena, a se ke a atamela pela setopo.


“ ‘Haeba motho a eshwa hanghang pela moo mokgethwa a leng teng, mme a silafatsa hlooho ya hae e halaleditsweng, o tla beola hlooho ya hae mohla letsatsi la tlhwekiso ya hae; o tla beola ka letsatsi la bosupa.


Ho ne ho le teng banna ba bang, ba neng ba ena le sesila ka baka la ho ama setopo sa motho e mong, ba ileng ba sitwa ho etsa mokete wa Paseka ka letsatsi leo. Yaba ba tla kapele ho Moshe le ho Arone ka lona letsatsi leo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos