Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 19:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ke ona molao wa mohla motho a shwang tenteng e nngwe: Mang le mang ya tla kena tenteng eo, le e mong le e mong ya tla ba tenteng, e tla ba ba sa hlwekang ka matsatsi a supileng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

14 “Ona ke molao wa ha motho a shwella ka tenteng. Mang kapa mang ya kenang ka tenteng, kapa ya seng a le ka tenteng, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.

Ver Capítulo Copiar




Numere 19:14
13 Referencias Cruzadas  

Ka kgwedi tse supileng, ba ntlo ya Iseraele ba tla ba epela, hore ba hlaphole lefatshe;


Etlare hobane a itlhatswe, a ballwe matsatsi a supileng.


Ke wona oo molao o beetsweng mefuta yohle ya lepera, le setshwa,


Ke oo molao o beetsweng modutli, le ya leng sesila ka mohlapo,


Jehova a boela a re ho Moshe: Bolella baprista, bara ba Aarone, o re ho bona: Ho se ke ha eba moprista hara bona ya ipeang sesila ka baka la mofu hara setjhaba sa habo,


A se ke a atamela mofu; esita le ka ntatae, leha e le ka mmae, a se ke a ipea sesila.


Ya amang setopo, e leng mmele wa motho ya shweleng, ha a sa itlhatswe, o silafatsa tabernakele ya Jehova; o tla tloswa hara Iseraele. Erekaha metsi a hlatsuo a sa ka a tshelwa hodima hae, e ntse e le ya sa hlwekang, mme ho se hlweke ha hae ho sa ntse ho le hodima hae.


Pitsa e nngwe le e nngwe e kwaholotsweng, e se nang sekwahelo se tlamilweng, etlaba ha ea hlweka.


Hape le tla hlatswa diaparo kaofela le dintho tsohle tsa letlalo, le tse entsweng ka boya ba dipodi, le dijana tsa mahong.


Laela bana ba Iseraele hore ba ntshe diahelong molepera e mong le e mong, le motho e mong le e mong ya nang le ho dutla, leha e le motho e mong le e mong ya silafaditsweng ke setopo;


Ka ditshiu tsohle tsa ho ikgethela Jehova ha hae, a se ke a atamela setopo se shweleng.


Ha e mong a ka tshoha a eshwa hanghang haufile yena, mme hlooho ya hae e kgethehileng e silafatswa ke hona, o tla e beola ka tsatsi la ho itlhwekisa ha hae, o tla e beola ka tsatsi la bosupa.


Empa ho ne ho le batho ba bang ba silafetseng ka baka la motho ya shweleng, ba sitilweng ke hona ho etsa Paseka ka tsatsi lona leo. Yaba ba itlhahisa ho Moshe le ho Aarone ka lona tsatsi leo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos