Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 21:1 - BIBELE

1 Morena a re ho Moshe: “Bua le baprista, e leng bara ba Arone, o re ho bona: ‘Moprista a se ke a itshilafatsa ka mofu wa setjhaba sa habo,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova a boela a re ho Moshe: Bolella baprista, bara ba Aarone, o re ho bona: Ho se ke ha eba moprista hara bona ya ipeang sesila ka baka la mofu hara setjhaba sa habo,

Ver Capítulo Copiar




Levitike 21:1
12 Referencias Cruzadas  

“ ‘Moprista a se ke a itshilafatsa ka ho atamela pela setopo, haese feela setopo sa ntatae, kapa sa mmae, kapa sa mora wa hae, kapa sa moradi wa hae, kapa sa ngwanabo, kapa sa kgaitsedie e sa nyalwang. Tsena a ka itshilafatsa ka tsona.


“Lona baprista, utlwang mona! Lona ba ntlo ya Iseraele, elang hloko! Lona ba ntlo ya kgosi, sekehang ditsebe! Kahlolo ena e tobane le lona: Le bile leraba la ho tshwasa Misepa, letlowa le adilweng hodima Tabore.


“ ‘Le se ke la iphatsa ha le llela mofu, le se ke la etsa mokgora. Ke nna Morena.


A se ke a kena kamoo ho beilweng setopo; leha e ka ba setopo sa ntatae kapa sa mmae, a se ke a itshilafatsa ka ho kena ka ho sona.


“Jwale lona baprista ke a le laya.


Kahoo le tla tseba hore ke nna ya le neileng taelo e le hore selekane sa ka le Levi se se ke sa fela,” ho rialo Morena wa mabotho.


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ofe kapa ofe, o tla dula a le sesila ka matsatsi a supileng.


“Ona ke molao wa ha motho a shwella ka tenteng. Mang kapa mang ya kenang ka tenteng, kapa ya seng a le ka tenteng, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.


“Mang kapa mang ya amang setopo sa motho ya bolailweng ka sabole kwana naheng, kapa setopo sa ya itjhweletseng feela, kapa lesapo la motho ya shweleng, kapa lebitla, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng.


“Laela bana ba Iseraele hore ba leleke balepera bohle kahara diahelo, le bohle ba nang le seso se qhitsang lero, le bohle ba silafaditsweng ke ho ama setopo.


Ka matsatsi wohle a hae a ho ikabela Morena, a se ke a atamela pela setopo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos