Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 21:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jehova a boela a re ho Moshe: Bolella baprista, bara ba Aarone, o re ho bona: Ho se ke ha eba moprista hara bona ya ipeang sesila ka baka la mofu hara setjhaba sa habo,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

1 Morena a re ho Moshe: “Bua le baprista, e leng bara ba Arone, o re ho bona: ‘Moprista a se ke a itshilafatsa ka mofu wa setjhaba sa habo,

Ver Capítulo Copiar




Levitike 21:1
12 Referencias Cruzadas  

Moprista a se ke a atamela pela setopo, hore a se ke a itshela ditshila; empa haele setopo sa ntatae, le sa mmae, le sa mora, le sa moradi, le sa ngwanabo, le sa kgaitsedie ya neng a se na monna, a ka itshilafatsa ka sona.


Utlwang taba ena, lona baprista, le mamele, lona ba ntlo ya Iseraele, le lona ba ntlo ya morena, le sekehe tsebe, hobane ho ahlolwa lona; hobane le bile jwaloka sefi Mitspe, le jwaloka leraba le tjhehilweng hodima Thabore.


Le se ke la phatsa mmele wa lona ka baka la mofu, mme le se ke la ingola ditshwantsho ka lehare. Ke nna Jehova.


A se ke a atamela mofu; esita le ka ntatae, leha e le ka mmae, a se ke a ipea sesila.


Mme jwale, taelo ena e tla ho lona, baprista!


Mme le tla tseba hobane ke rometse taelo eo ho lona, hore ho tiye selekane sa ka le Levi, ho bolela Jehova wa makgotla.


Ya tlang ho ama setopo sa motho ofe le ofe e tla ba ya sa hlwekang ka matsatsi a supileng.


Ke ona molao wa mohla motho a shwang tenteng e nngwe: Mang le mang ya tla kena tenteng eo, le e mong le e mong ya tla ba tenteng, e tla ba ba sa hlwekang ka matsatsi a supileng.


E mong le e mong ya tla ama motho ya bolailweng naheng ka lerumo, kapa setopo, kapa masapo a batho, kapa lebitla, etlaba ha a hlweka ho fihlela matsatsi a supileng.


Laela bana ba Iseraele hore ba ntshe diahelong molepera e mong le e mong, le motho e mong le e mong ya nang le ho dutla, leha e le motho e mong le e mong ya silafaditsweng ke setopo;


Ka ditshiu tsohle tsa ho ikgethela Jehova ha hae, a se ke a atamela setopo se shweleng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos