La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Numere 14:1 - BIBELE

Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa howa haholo, sa lla bosiu bohle.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Yaba phutheho yohle e phahamisa mantswe, ya tlatsa lerata; setjhaba sa lla, bosiu ba ba ba esa.

Ver Capítulo



Numere 14:1
13 Referencias Cruzadas  

Ba dumaduma ba le ditenteng tsa bona, ba se ke ba mamela lentswe la Morena.


Leha ho le jwalo, ba nnile ba mo sitelwa, ba se ke ba dumela dimakatso tsa hae.


Ha Faro a se a lokolotse setjhaba, Modimo ha a a ka a se tsamaisa ka tsela ya Filesitia, leha e ne e le haufi, hobane Modimo o ne a re: “Mohlomong setjhaba se ka tshoha se kweneha ha se bona ntwa, mme sa kgutlela Egepeta.”


Yare ha setjhaba se utlwa mantswe ana a bohloko, sa lla, mme ha se ke ha eba ya rwalang mekgabiso ya hae.


morabeng wa Ashere e le Setore, mora wa Mikaele;


Naheng eo re bone diqhobane tsena, e leng Baanake ba tswetsweng ke diqhobane. Ha re ipapisa le bona re iphumane re le ditsienyane, le bona ha ba re tadima ba bona re le ditsienyane.”


Bana ba Iseraele bohle ba korotlela Moshe le Arone, mme setjhaba sohle sa re ho bona: “Hoja re hlile ra shwella naheng ya Egepeta, kapa ebe re shwetse lehwatateng lena!


“Empa lona le ile la hana ho nyoloha, la fetohela taelo ya Morena Modimo wa lona.


Le ile la kgutla, la llela kapele ho Morena, empa Morena ha a a ka a le mamela, leha e le ho le sekehela tsebe.


“Ha le le Kadeshe-Barenea a le roma, a re ho lona: ‘Nyolohang, le yo hapa naha eo ke le neileng yona.’ Le teng le ne le fetohele taelo ya Morena Modimo wa lona, mme la se ke la mo kgolwa leha e le ho mo mamela.


Bana beso, ba neng ba ile le nna, ba fihla ba nyahamisa setjhaba dipelo, empa nna ke ile ka latela Morena Modimo wa ka, ka ho tlala.


Davida le banna bao a neng a ena le bona, ha ba bona hona, ba lla haholo, ho fihlela ba bile ba kgathala ke ho lla.