Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 13:33 - BIBELE

33 Naheng eo re bone diqhobane tsena, e leng Baanake ba tswetsweng ke diqhobane. Ha re ipapisa le bona re iphumane re le ditsienyane, le bona ha ba re tadima ba bona re le ditsienyane.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

33 re bone teng diqhobane, bana ba Anake, ba mofuta wa diqhobane; mahlong a rona, le mahlong a bona, re ne re le jwaloka mehlwanyane feela.

Ver Capítulo Copiar




Numere 13:33
17 Referencias Cruzadas  

Ka yona nako eo, le kamora moo, diqhobane tsa eba teng lefatsheng, ha bara ba Modimo ba bokana le baradi ba batho, ba tswala bana le bona. Bana bao ke tsona dinatla tsa boholoholo tse tumileng haholo.


A bolaya monna wa Moegepeta, wa seqhobane, eo bolelele ba hae bo neng bo feta dimethara tse pedi. Moegepeta eo o ne a tshwere lerumo le lekaalo ka mofeng wa motjhine o ohlang, empa Benaya a ya ho yena a tshwere molamu; a hlotha lerumo letsohong la Moegepeta, a mmolaya ka lerumo leo la hae.


Modimo o dutse teroneng kahodima lefatshe, baahi ba lona ba tshwana le mehlwanyane. Mahodimo o a sarolotse jwalokaha eka ke lesira, a a ala sa tente eo ho phelwang ho yona.


Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa.


Leha ho le jwalo, batho ba ahileng moo ba matla, mme metse ya teng e meholo, e na le diqhobosheane; re bile re bone Baanake hona teng.


Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa howa haholo, sa lla bosiu bohle.


Ekaba re nyolohela kae? Bana babo rona ba re nyahamisitse dipelo, ba re: Baahi ba moo ke dinatla, mme ba balelele ho re feta. Metse ya bona e meholo, e na le diqhobosheane tse fihlang marung. Le Baanake re ile ra ba bona hona moo.’


Ka nako ena e fetileng, Baemime ba ne ba ahile moo. E ne e le setjhaba se seholo, se sengata, sa banna ba balelele jwaloka Baanake.


Ke Oge feela, kgosi ya Bashane, eo e leng lesalla la Barefaime. Lekese la hae la bafu e ne e le la tshepe, bolelele ba lona e le dimethara tse nne, bophara e le dimethara tse pedi, ho latela ho lekanya ho tlwaelehileng ha mehla eo. Lekese leo le sa le teng le kajeno motseng wa Baamone, wa Raba.


Kamoo le ba tsebang kateng, Baanake ke setjhaba sa batho ba diqhobane, ba balelele, bao le utlwileng ho buuwa ka bona, ho thwe: ‘Ke mang ya ka emang kapele ho Baanake?’


Ka yona nako eo, Joshua a fihla a fedisa Baanake naheng e maralla, le Heborone, le Debiri, le Anabe, le naheng yohle e maralla ya Juda, le naheng yohle e maralla ya Iseraele. Joshua a ba timetsa ho hang, mmoho le metse ya bona.


Ka baka leo he, nnee naha ena e maralla eo Morena a neng a bue ka yona mohla letsatsi leo. Etswe wena o ne o ikutlwele ka lona letsatsi leo, hore Baanake ba phela moo, mme metse ya bona ke ya metonana, ya diqhobosheane. Mohlomong Morena o tla ba le nna ha ke le moo, mme ke ba leleke teng, jwalokaha Morena a buile.”


Naheng eo, Kalebe a leleka bara ba bararo ba Anake, e leng Sheshai, le Ahimane, le Talamai, ditloholo tsa Anake.


Yare ha banna bohle ba Baiseraele ba bona monna eo, ba mmaleha, mme ba kenwa ke tshabo e kgolo.


Ha Mofilesita a ntse a qamaka, a bona Davida, mme a mo halala, hobane Davida e ne e le moshanyana, a le mosehla, sebopeho sa hae se kgahleha.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos