Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 13:32 - BIBELE

32 Ba bolella bana ba Iseraele ditaba tse mpe ka naha eo ba neng ba ilo e hlwela, ba re: “Naha eo re neng re ilo e hlwela ke naha e matswatlare. Batho bohle bao re ba boneng ke banna ba diqhobane.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ba nyefola hara bana ba Iseraele naha eo ba neng ba ile ho e lekola, ba re: Naha eo re e haotseng ho e hlwela ke naha e jang baahi ba yona; batho bohle bao re ba boneng teng, ke batho ba seemo se selelele;

Ver Capítulo Copiar




Numere 13:32
11 Referencias Cruzadas  

Ntwa e nngwe ya boela ya qhoma Gate. Hona moo ho ne ho ena le monna wa safola. Le leng le le leng la matsoho a hae, le maoto a hae, le ne le ena le menwana e tsheletseng, kaofela e le menwana e mashome a mabedi a metso e mene, mme le yena e le seqhobane.


Ntwa e nngwe ya boela ya qhoma Gate, moo ho neng ho ena le safola ya monna. Le leng le le leng la matsoho a hae le maoto a hae le ne le ena le menwana e tsheletseng, kaofela e le menwana e mashome a mabedi a metso e mene. Le yena e ne e le seqhobane.


Ba nyedisa naha e kgahlehang, hobane ba ne ba sa kgolwe, ba sa kgolwe ditshepiso tsa hae.


Ke tla etsa hore setjhaba sa ka sa Iseraele se boele se tsamaye ditseleng tsa lona. Se tla le hapa, le be lefa la sona; le ke ke la hlola le se bolaela bana.


Ke ne ke le ntshe, ka le ntsha naheng ya Egepeta, ka le ntsha, ka le tsamaisa lehwatateng, ka le tsamaisa ka lemo tse mashome a mane, ho ya le nea naha ya Baamore.


Ke ne ke timetse Baamore ba le thibetse tsela, leha ba ne ba le balelele, ba le balelele sa dikedare, ba le matla sa difate tsa dieike. Tholwana tsa bona ka di fedisa, le metso ya bona ka e fothola.


Leha ho le jwalo, batho ba ahileng moo ba matla, mme metse ya teng e meholo, e na le diqhobosheane; re bile re bone Baanake hona teng.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le kwalla batho Mmuso wa mahodimo, empa lona ka bolona le sa kene, mme ha le dumelle le ba kenang ho kena.


Ekaba re nyolohela kae? Bana babo rona ba re nyahamisitse dipelo, ba re: Baahi ba moo ke dinatla, mme ba balelele ho re feta. Metse ya bona e meholo, e na le diqhobosheane tse fihlang marung. Le Baanake re ile ra ba bona hona moo.’


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos