Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 14:8 - BIBELE

8 Bana beso, ba neng ba ile le nna, ba fihla ba nyahamisa setjhaba dipelo, empa nna ke ile ka latela Morena Modimo wa ka, ka ho tlala.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 athe banabeso, bao re neng re ile le bona, ba nyahamisitse setjhaba pelo; empa nna ka latela Jehova, Modimo wa ka, kahohle.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 14:8
8 Referencias Cruzadas  

Empa banna ba neng ba ile le yena ba re: “Re tla sitwa ho nyoloha ho ya lwantsha setjhaba seo, hobane se matla ho re feta.”


Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa howa haholo, sa lla bosiu bohle.


Empa mohlanka wa ka Kalebe, kaha yena o na le moya o sa tshwaneng le wa ba bang bana, mme o ile a ntatela ka ho tlala, ke tla mo finyeletsa naheng eo a kileng a ya ho yona, mme ditloholo tsa hae di tla e rua.


Ha ho le ya mong, haese Kalebe, mora wa Jefune, wa morabe wa Bakenase, le Joshua, mora wa Nune, hobane bona ba latetse Morena ka botshepehi.’


Ekaba re nyolohela kae? Bana babo rona ba re nyahamisitse dipelo, ba re: Baahi ba moo ke dinatla, mme ba balelele ho re feta. Metse ya bona e meholo, e na le diqhobosheane tse fihlang marung. Le Baanake re ile ra ba bona hona moo.’


Ke Kalebe feela, mora wa Jefune, ya tla e bona, mme yena le bara ba hae ke tla ba nea naha eo, eo yena a kileng a tsamaya hodima yona, hobane yena o latetse Morena ka ho tlala.’


Ka baka lena, Heborone ya eba lefa la Kalebe, mora wa Jefune wa Mokenase, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno, hobane a ne a ile a latela Morena Modimo wa Iseraele, ka ho tlala.


Bana ke bao esaleng ba hlwekile, ba sa kang ba itshilafatsa ka basadi; ke ba latelang Konyana hohle moo e yang teng. Bana ba lopolotswe hara batho, ho ba nyehelo ya pele ho Modimo le ho Konyana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos