Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 14:9 - BIBELE

9 Ka lona letsatsi leo, Moshe a hlapanya, a re: ‘Ruri, naha eo leoto la hao le kileng la hata hodima yona, e tla ba ya hao, le ya bana ba hao kamehla, hobane o ile wa latela Morena Modimo wa ka, ka ho tlala.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Mohlang oo, Moshe a nkanela, a re: Kannete, lefatshe leo maoto a hao a ileng a le hata e tla nne e be lefa la hao le la bana ba hao kamehla; hobane o latetse Jehova, Modimo wa ka, kahohle.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 14:9
8 Referencias Cruzadas  

Ba etsang bokgopo ba tla fediswa; empa ba tshepang Morena lefatshe e tla ba lefa la bona.


Ba nyolohela Negebe, ba ya fihla Heborone, moo Ahimane, le Sheshai, le Talamai, bana ba Anake, ba neng ba ahile teng. Heborone e ne e ile ya hahuwa dilemo tse supileng pele Sowane e Egepeta e hahuwa.


Ke Kalebe feela, mora wa Jefune, ya tla e bona, mme yena le bara ba hae ke tla ba nea naha eo, eo yena a kileng a tsamaya hodima yona, hobane yena o latetse Morena ka ho tlala.’


Sebaka se seng le se seng seo le tla tsamaya ho sona, e tla ba sa lona. Meedi ya lona e tla tloha lehwatateng, le Lebanone, le ho tloha Nokeng, e leng noka ya Euferatese, ho ya fihla lewatleng le ka bophirimela.


Dibaka tsohle tseo le tla tsamaya ho tsona ke le neile tsona, jwalokaha ke ne ke bue ho Moshe.


“Jwale bona, ka dilemo tsena tse mashome a mane a metso e mehlano, ho tloha mohla Morena a buang lentswe lena ho Moshe, ha Baiseraele ba ntse ba lelera lehwatateng, Morena o babaletse bophelo ba ka, jwalokaha a ne a bue, mme ke mona kajeno ke na le dilemo tse mashome a robedi a metso e mehlano.


Ba nea Kalebe motse wa Heborone, jwalokaha Moshe a ne a buile, mme yena a leleka bara ba bararo ba Anake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos