Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 13:17 - BIBELE

17 Ha Faro a se a lokolotse setjhaba, Modimo ha a a ka a se tsamaisa ka tsela ya Filesitia, leha e ne e le haufi, hobane Modimo o ne a re: “Mohlomong setjhaba se ka tshoha se kweneha ha se bona ntwa, mme sa kgutlela Egepeta.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Eitse hoba Faro a lokolle setjhaba, Modimo ha o a ka wa ba tsamaisa ka tsela ya naha ya Bafiliseta, leha e ne e le haufi; hobane Modimo wa na wa re: E se re mohlomong setjhaba sa kweneha ha se bona ntwa, mme sa boela Egepeta.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 13:17
14 Referencias Cruzadas  

Empa ha ekare ha ba le naheng eo ba isitsweng ho yona e le bathopuwa, ba baka, mme hona moo naheng eo ya bathopi ba bona, ba o kopa, ba re: ‘Re sitilwe, re kgelohile, re entse bakgopo,’


Ba hana ho mamela, ba lebala ketso tsa hao, dimakatso tsa hao, tse entsweng hara bona; ba se ke ba di natsa, ba ba manganga, ba o fetohela, ba ikgethela moetapele, hore a ba busetse bokgobeng ba bona. Empa o Modimo ya tshwarelang kamehla, o lereko, o mohau, o dieha ho halefa, o bile o lerato, mme ha o a ka wa ba furalla.


Ha Faro a ntse a atamela, bana ba Iseraele ha ba re mahlo tloha! ba bona Baegepeta ba ba phalletse. Bana ba Iseraele ba tshoha haholo, mme ba ipiletsa ho Morena.


empa Paulosi a fumana ho sa lokele hore ba ye le enwa ya ileng a ikgula ho bona ha ba ne ba le Pamfilea, a se ke a ya le bona mosebetsing.


“Empa bo-ntata rona ba ile ba hana ho mo mamela, ba mo sutumeletsa thoko, dipelo tsa bona tsa kgutlela Egepeta,


Feela kgosi eo e se ke ya ba le dipere tse ngata, esere ya etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta ho ya reka dipere, hobane Morena o itse ho lona: ‘Le ke ke la hlola le kgutlela ka tsela ena.’


Baokamedi ba tla bua le bahlabani hape, ba re: ‘Na ho na le monna ya tshohileng, ya boi? Ha a kgutlele tlung ya hae, esere a nyahamisa bana babo dipelo, jwalokaha ya hae e nyahame.’


Morena o tla le kgutlisetsa Egepeta hape ka dikepe, ka tsela eo ke ileng ka bua ka yona ho lona, ka re: ‘Le ke ke la hlola le e bona hape.’ Teng le tla ithekisa ho dira tsa lona hore le be makgoba le makgabunyane, empa ha ho ya tla le reka.”


Ka tumelo a tswa Egepeta, a sa tshoswe ke kgalefo ya kgosi; a tiisetsa jwaloka hoja a bona ya sa bonweng.


Ka baka leo, bolella setjhaba sohle, o re: ‘Mang kapa mang ya tshabang, ya thothomelang, a hle a kgutle, a tlohe thabeng ya Gileade e sa le hoseng.’ ” Setjhaba se ileng sa kgutla ya eba dikete tse mashome a mabedi a metso e mmedi, mme ha sala dikete tse leshome feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos