Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 13:18 - BIBELE

18 Empa Modimo a tsamaisa setjhaba seo ka tsela e potang lehwatateng, e lebang Lewatleng la Lehlaka. Bana ba Iseraele ba nyoloha naheng ya Egepeta ba hlometse.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Empa Modimo wa tsamaisa setjhaba ka tsela e potolohang e lebileng lefeelleng la Lewatle le Lefubedu. Bana ba Iseraele ba tswa naheng ya Egepeta ba hlometse.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 13:18
13 Referencias Cruzadas  

Josefa a re ho bara ba Iseraele, ba ikane hore, mohla Modimo a ba etelang, ba tla tlosa masapo a hae Egepeta.


A ba tsamaisa tseleng e otlolohileng, a ba isa motseng oo ba ka ahang ho wona.


Ke yena ya ileng a tsamaisa setjhaba, a tsamaisa tjhaba sa hae lehwatateng; mohau wa hae ke wa kamehla yohle.


Modimo, mohla o neng o haola hara lehwatata, o eteletse tjhaba sa hao pele,


Ka lona letsatsi leo Morena a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka mabotho a bona.


“Bolella bana ba Iseraele ba kgutlele morao, ba yo hloma kapele ho Pi-Hahirote, pakeng tsa Migedole le Lewatle, kapele ho Baale-Sefone, ba hlome ditente lebopong la Lewatle.


Baegepeta ba ba phaladisa ka dipere le ka dikariki tsa ntwa tsa Faro, le ka bapalami ba hae, le ka lebotho lohle la hae, mme ba fihla ho bona moo ba neng ba hlomile lebopong la Lewatle, haufi le Pi-Hahirote, kapele ho Baale-Sefone.


Feela kgosi eo e se ke ya ba le dipere tse ngata, esere ya etsa hore setjhaba se kgutlele Egepeta ho ya reka dipere, hobane Morena o itse ho lona: ‘Le ke ke la hlola le kgutlela ka tsela ena.’


“A na a mo fumana a lelera lehwatateng, feelleng le bodutu la dipukupuku; a mo sireletsa, a mo baballa, a mo hlokomela seka thaka ya leihlo.


Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona, le diphoofolo tsa lona naheng eo Moshe a le neileng yona ka kwano ho Jorodane, empa lona bohle, bao le leng banna ba bahale, ba matla, le tla tshela le hlometse, le eteletse bana babo lona pele, le ba thuse.


Ba morabe wa Rubene, le ba morabe wa Gade, le ba karolo e nngwe ya morabe wa Manase, ba tshela ba hlometse, ba eteletse bana ba Iseraele pele, jwalokaha Moshe a ne a ba laetse.


Ba ileng ba tshela e ne e ka ba dikete tse mashome a mane, tsa ba hlomeletseng ntwa, ba ilo lwana diphuleng tsa Jeriko, moo Morena a ntseng a ba bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos