Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 13:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Empa Modimo wa tsamaisa setjhaba ka tsela e potolohang e lebileng lefeelleng la Lewatle le Lefubedu. Bana ba Iseraele ba tswa naheng ya Egepeta ba hlometse.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

18 Empa Modimo a tsamaisa setjhaba seo ka tsela e potang lehwatateng, e lebang Lewatleng la Lehlaka. Bana ba Iseraele ba nyoloha naheng ya Egepeta ba hlometse.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 13:18
13 Referencias Cruzadas  

Josefa a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: Ruri, Modimo o tla le etela, mme mohlang oo le tle le tlose masapo a ka kwano.


a ba tsamaisa ka tsela e lokileng, ba tle ba fihle motseng moo ba ka ahang teng.


A ba a haodisa setjhaba sa hae feelleng: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


lefatshe la reketla, mahodimo a ruthutha pela Modimo, le yona Sinai pela sefahleho sa Modimo, Modimo wa Iseraele.


Ka lona tsatsi leo, Jehova a ntsha bana ba Iseraele naheng ya Egepeta ka makgotla a bona.


Bolella bana ba Iseraele hore ba kgelohe, mme ba hlome ditente pela Pi-Hahirothe, dipakeng tsa Migdole le lewatle, malebana le Baale-Tsefone; le hlome ditente maloka le teng pela lewatle.


Baegepeta ba ba phallela, mme mapere le makoloi kaofela a Faro le bapalami ba hae le sera sa hae kaofela ba ba fihlela ba emisitse pela lewatle, pela Pi-Hahirothe, malebana le Baale-Tsefone.


Feela a se ke a ipokellela dipere tse ngata, mme a se ke a busetsa setjhaba Egepeta, ho bokella dipere tse ngata; hobane Jehova o le boleletse, a re: Le se ke la boela la tsamaya ka tsela eo.


Jehova o mo fumane a le nahathothe, feelleng le tshabehang ka bobe le ka mehoo ya tshenyeho; a mo teela hare kahohle, a mo hlokomela, a mo boloka jwaloka hoja e le thaka ya leihlo la hae.


Ho sale basadi ba lona, le bana ba lona ba banyenyane, le makgomo a lona mose o kwano wa Jordane, fatsheng leo Moshe a le neileng lona; haele lona bahale bohle, le etelle banababo lona pele le hlometse, le ba tlatse;


Bana ba Rubene, le bana ba Gade, le ba mothapo o mong wa leloko la Manasse, ba tshela ba etella bana ba Iseraele pele ba hlometse, jwalokaha Moshe a ne a ba boleletse.


Ya batla ho ba banna ba kete tse mashome a mane ba hlometseng, ba loketseng ntwa, ba feta pela Jehova, ba kena mahwatateng a Jeriko.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos