Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 13:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Moshe a nka le masapo a Josefa; hobane Josefa o ne a hlapantshitse bana ba Iseraele, a re: Modimo o tla le etela ruri, mme le tle le tlohe kwano le nkile masapo a ka.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

19 Moshe a nka masapo a Josefa, hobane Josefa o ne a ile a hlapantsha bana ba Iseraele, a re: “Ruri Modimo o tla le etela; le tle le nyolohe le masapo a ka ha le tloha mona.”

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 13:19
9 Referencias Cruzadas  

Iseraele a re ho Josefa: Bona, ke se ke ya shwa, empa Modimo o tla ba le lona, o le busetse lefatsheng la bontata lona.


Setjhaba sa dumela, sa utlwa hoba Jehova o etetse bana ba Iseraele, le hobane o tadimile ho hloreha ha bona; mme ba inama, ba rapela.


Ba ahisaneng le yena le bahabo ba utlwa hoba Morena o tumisitse mohau wa hae ka yena, ba thaba le yena.


Mme bohle ba tshwarwa ke tshabo, ba rorisa Modimo, ba re: Moporofeta e moholo o hlahile hara rona; Modimo o etetse setjhaba sa wona.


Jwale, Jakobo a theohela Egepeta, moo a shwetseng teng le bontata rona.


Mme ditopo tsa bona tsa iswa Sikeme, tsa patwa lebitleng la Abrahama, leo a neng a le reke ka ditjhelete ho bara ba Hamore, Sikeme.


Ka tumelo Josefa, mohla a shwang, o kile a bolela ho tloha ha bana ba Iseraele, mme a ba beela molao bakeng sa masapo a hae.


Le masapo a Josefa, ao bana ba Iseraele ba neng ba tlile le wona, ha ba etswa Egepeta, ba a pata Sikeme, karolong ya tshimo eo Jakobo a neng a e rekile ho bara ba Hamore, ntata Sikeme, ka ditjhelete tse lekgolo; ya eba lefa la bana ba Josefa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos