Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 30:4 - BIBELE

4 Davida le banna bao a neng a ena le bona, ha ba bona hona, ba lla haholo, ho fihlela ba bile ba kgathala ke ho lla.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Ebile Davida le setjhaba se ho yena ba lla, ba bokolla, ho fihlela ba ba ba fellwa ke matla a ho lla.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 30:4
9 Referencias Cruzadas  

Ha Esera a ntse a rapela, a etsa maipolelo, a lla, a itihela fatshe kapele ho Tempele ya Modimo, letshwele le leholo la Baiseraele, e le banna, le basadi, le bana, la phuthehela ho yena, mme batho bao ba lla habohloko.


Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa howa haholo, sa lla bosiu bohle.


Moshe a phetela bana ba Iseraele bohle ditaba tsena, mme setjhaba sa lla haholo.


Hoba lengeloi la Morena le bue mantswe ana ho bana bohle ba Iseraele, setjhaba sa bokolla haholo.


Setjhaba sa fihla Bethele, sa dula teng kapele ho Modimo, ho fihlela ka phirimana. Sa bokolla habohloko,


Maqosa a fihla Gibea, motseng wa Saule, mme a bolela mantswe ana moo setjhaba sohle se ntseng se utlwa. Setjhaba sohle sa phahamisa mantswe, sa lla.


Ha Davida le banna ba hae ba fihla motseng, ba fumana o tjhesitswe ka mollo. Basadi ba bona, le bara ba bona, le baradi ba bona, ba ba nkile, e le bathopuwa.


Ha a fihla, a bona Eli a dutse hodima setulo, kathoko ho tsela, a lebeletse, hobane o ne a tshwenyehile moyeng, ka baka la areka ya Modimo. Monna eo ha a kena motseng a beha ditaba, motse wohle wa lla sa mmokotsane.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos