La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Nehemia 9:31 - BIBELE

Empa ka baka la mehauhelo e meholo ya hao, ha o a ka ba timetsa le ho ba furalla, hobane o Modimo ya lereko, ya mohau.

Ver Capítulo

Sesotho 1909/1961 (SO)

Empa mehauhelong ya hao e mengata, ha o a ka wa ba qeta, ha o a ka wa ba furalla; etswe o le Modimo o mohau, o lereko.

Ver Capítulo



Nehemia 9:31
15 Referencias Cruzadas  

Morena a hauhela Baiseraele, a ba utlwela bohloko; a ba hlomohela ka lebaka la selekane sa hae le Aborahama, le Isaka, le Jakobo, mme a se ke a rata ho ba timetsa, leha e le ho ba furalla.


Haeba le kgutlela ho Morena, bana babo lona, le bana ba lona, ba tla fumana mohau ho bathopi ba bona, mme ba tla kgutlela naheng ena, hobane Morena Modimo wa lona, o mosa, o mohau. A ke ke a le furalla, ha le kgutlela ho yena.”


Ba hana ho mamela, ba lebala ketso tsa hao, dimakatso tsa hao, tse entsweng hara bona; ba se ke ba di natsa, ba ba manganga, ba o fetohela, ba ikgethela moetapele, hore a ba busetse bokgobeng ba bona. Empa o Modimo ya tshwarelang kamehla, o lereko, o mohau, o dieha ho halefa, o bile o lerato, mme ha o a ka wa ba furalla.


Empa ha o a ka wa ba furalla lehwatateng, hobane mohau wa hao o moholo haholo; motsheare leru le lopaletseng ha le a ka la nyamela, la nna la ba etella pele tseleng ya bona; bosiu kganare e lopaletseng ha e a ka ya fifala, ya nna ya ba bonesetsa ha ba ntse ba tsamaya.


“Ka baka la lebitso la ka, kgalefo ya ka ke a e thisisa, ka baka la thoriso ya ka e ke ke ya fihla ho wena, esere mohlomong ka tshoha ke o timetsa.


Morena o bua tjena: “Lefatshe lohle le tla senyeha, empa ha ke na ho le timeletsa ruri.


“Kenang hara merara ya sona le e robake, feela le se ke la e roba kaofela ha yona; makala a yona le a kgaole, hobane makala ao hase makala a Morena.


“Leha ho le jwalo,” ho rialo Morena, “le hona matsatsing ao ha ke na ho le fedisa ho hang.


Ka baka la lerato la Morena, rato le sa feleng, ha re a ka ra ba ra timela, mehauhelo ya hae ha e eso ka e kgaotsa;


Morena Modimo wa rona yena o mohau, o a tshwarela, leha rona re mo fetohetse.


Morena Modimo wa lona, ke Modimo ya mohau, a ke ke a le lahla, kapa a le timetsa, kapa a lebala selekane seo a se hlapanyeditseng bo-ntata lona.”