Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jeremia 4:27 - BIBELE

27 Morena o bua tjena: “Lefatshe lohle le tla senyeha, empa ha ke na ho le timeletsa ruri.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Hobane ho itswe ke Jehova: Lefatshe lohle le tla fetolwa lefeella, empa nke ke ka le fedisetsa ruri.

Ver Capítulo Copiar




Jeremia 4:27
29 Referencias Cruzadas  

E ne e le hore ho phethahale dipolelo tsa Morena tse neng di bolelwe ke Jeremia, ha a ne a re: “Ho fihlela dilemo tse mashome a supileng di fela, naha e tla lala ka nako yohle eo e ntseng e hloka baahi ka yona.”


Empa ka baka la mehauhelo e meholo ya hao, ha o a ka ba timetsa le ho ba furalla, hobane o Modimo ya lereko, ya mohau.


Empa tholwana tse ding tsona di tla sala, jwalokaha ho hlohlorwa sefate sa mohlwaare, ho salang tse pedi kapa tse tharo makaleng a hodimo, ho sale tse nne kapa tse hlano makaleng a behang,” ho rialo Morena, Modimo wa Iseraele.


Morena o tla falatsa lefatshe, a le timetse, sebopeho sa lona a se senye, baahi ba lona a ba hasanye.


Naha ya sona se e fetotse nanaola, e fetohile sekgobo sa mehla yohle, bo-mofeta-ka-tsela ba ye ba e makalle, hlooho tsa bona ba be ba di thukuthe.


Naha ena yohle e tla ba nanaola le setsoto, mme ditjhaba tsena di tla sebeletsa kgosi ya Babilona ka dilemo tse mashome a supileng.


Ke na le wena, ke tla o pholosa,” ho rialo Morena. “Le hoja ka tla timetsa ditjhaba tsohle, tjhaba tseo le tletsatletseng hara tsona, wena ha nka ke ka o timeletsa ruri. Leha ke o kgalemela e tla ba ka toka, nke ke ka o tlohela ke sa o otla.”


Koduwa di fihla ka ho latellana, hobane fatshe lohle le senyehile; hanghang tente tsa ka di a senyeha, masira a tsona a tabohe ka ho panya ha ntshi.


Tau e tswile selaong sa yona, motimetsi wa ditjhaba o futuhile; o tswile hae ho senya naha ya hao, metse e be masupi, e hloke baahi.


Kahoo bohale ba ka le kgalefo ya ka di ile tsa tlokoma hara metse ya Juda le diterateng tsa Jerusalema, metse eo ya senyeha, ya fetoha masupi jwalokaha ho le jwalo le kajeno.


Wena mohlanka wa ka Jakobo, o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena,” ho rialo Morena. “Ditjhaba tsohle ke tla di timetsa, ditjhaba tseo ke o leleketseng hara tsona, empa wena ha o ka ke wa timella ruri; ke tla o ahlola, feela e le ka toka, nke ke ka o tlohela o sa ahlolwa ho hang.”


“Kenang hara merara ya sona le e robake, feela le se ke la e roba kaofela ha yona; makala a yona le a kgaole, hobane makala ao hase makala a Morena.


“Leha ho le jwalo,” ho rialo Morena, “le hona matsatsing ao ha ke na ho le fedisa ho hang.


Metseng ya Juda le diterateng tsa Jerusalema ke tla fedisa mehoo ya thabo le ya nyakallo, ke fedise lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, hobane naha e tla fetoha lehwatata.


“Ke tla fetola Jerusalema e be masupi, ke e fetole e be selao sa diphokojwe, metse ya Juda ke e fetole nanaola, ho se be ya ka phelang ho yona.


Morena o lahlile aletare ya hae, Sehalalelo sa hae le sona a se furalla; marako a matlo a kgosi tsa Sione o neelane ka wona matsohong a dira; ka tlung ya Morena dira di entse lerata, lerata le kang la mohla tsatsi la mokete.


Yare ha ke ntse ke porofeta Pelatiya, mora wa Benaya, a shwa. Yaba ke itihela fatshe ka sefahleho, ke howeletsa haholo, ke re: “Oho, Morena Modimo! Na o tla timetsa le masalla wohle a Iseraele?”


“ ‘Leha ho le jwalo ke ile ka ba hauhela, ka se ke ka ba timetsa, kapa hona ho ba fedisa, ha ba le lehwatateng.


Naha ke tla e fetola nanaola, e be lefeella, matla ao e ikgantshang ka wona a fele. Dithaba tsa Iseraele di tla fetoha matswatlare, ha ho ya tla feta ho tsona.


Ke tla otlolla letsoho la ka hodima bona, naha ke e fetole nanaola ho tloha lehwatateng le ka Borwa ho ya Ribela, hohle moo ba phelang teng. Ba tla tseba hore ke nna Morena.”


Ke tla fetola metse ya lona masupi, ke falatse dibaka tsa lona tsa borapedi, ke se ke ka amohela monko o monate wa ditjheso tsa lona.


Empa leha ho le jwalo, ha ba le naheng ya dira tsa bona ha ke na ho ba lahla; ha ke na ho ba hloya hoo nka ba timetsang ho hang, ka ba ka senya selekane sa ka le bona, hobane ke nna Morena Modimo wa bona.


Mohla tsatsi leo la kgalefo ya Morena, silefera ya bona, esita le yona kgauta, tsena ha di ka ke tsa tseba ho ba pholosa. Kgalefo ya Morena e tukang malakabe, e tla tlokoma, e tjhese lefatshe lohle. Baahi bohle ba lefatshe o tla ba timetsa, a ba timetse hang, ka ho panya ha ntshi.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos