Eitse hoba kgosi e utlwe mantswe a tswang Bukeng ena ya Molao, ya hahola diaparo tsa yona.
Nehemia 8:9 - BIBELE Nehemia, eo e neng e le mmusisi wa naha, le Esera, eo e neng e le moprista e bile e le setsebi sa Molao, le Balevi ba neng ba ruta setjhaba, ba re ho setjhaba sohle: “Letsatsi lena ke le halalelang ho Morena Modimo wa lona; le se ke la hlomoha, kapa la lla.” Ke hobane setjhaba sohle se ne se ntse se lla ha se utlwa se bolelwang ke Molao. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Nehemia mmusisi, ba ena le Esdrase, moprista le mongodi, le Balevi ba rutang setjhaba, ba re ho setjhaba kaofela: Tsatsi lena ke le kgethetsweng Jehova, Modimo wa lona; le se ke la dula bofifing, mme le se ke la lla — etswe setjhaba kaofela se ne se lla ha se utlwa mantswe a molao. |
Eitse hoba kgosi e utlwe mantswe a tswang Bukeng ena ya Molao, ya hahola diaparo tsa yona.
Ka baka la hobane eitse ha o utlwa mantswe ao ke a buileng ka sebaka sena le baahi ba sona, a hore se tla fetoha lesupi, se rohakehe, wa hahola diaparo tsa hao, pelo ya hao ya eba bonolo, wa ikokobeletsa Morena, wa ntshela ka dikgapha, le nna ke utlwile thapelo ya hao,’ ho rialo Morena.
E se e le nako e telele Baiseraele ba se na Modimo wa nnete, ba hloka le moprista ya ba rutang, ba hloka le molao.
Hesekiya a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba bonahala ba utlwisisa tshebeletso ya Morena. Ka matsatsi a supileng ba eja, ba etsa dinyehelo tsa teboho, mme ba boka Morena Modimo wa bo-ntata bona.
Eitse hoba kgosi e utlwe mantswe a tswang Bukeng ena ya Molao, ya hahola diaparo tsa yona,
“Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le masalla a Iseraele, le a setjhaba sa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, hobane bo-ntata rona ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena ka ho se phethe tsohle tse ngotsweng bukeng ena.”
A re ho Balevi ba neng ba ruta Iseraele yohle, ba neng ba halaleleditswe Morena: “Beang areka e halalelang ka Tempeleng eo Solomone, mora wa Davida, kgosi ya Iseraele, a neng a e hahe; le se ke la hlola le sa e jara ka mahetla a lona. Jwale sebeletsang Morena Modimo wa lona, le setjhaba sa hae sa Iseraele.
Mmusi wa naha a re ba se ke ba ja dijo tse halalelang ka ho fetisisa, ho fihlela moprista a ka ba botsetsa ho Morena ka ho sebedisa majwe a Urime le Thumime.
Lena ke lengolo leo kgosi Aretaseresese a ileng a le nea Esera eo e neng e le moprista le Setsebi sa Molao, e bile e le setsebi sa dipolelo tsa melao ya Morena, le ditaelo tseo Morena a di neileng Baiseraele:
Batho ba ileng ba tiisa selekane ka ho ngola mabitso a bona e ne e le mmusisi Nehemia, mora wa Hakaleya, le baprista bana: Sedekiya,
Tsena di etsahetse mehleng ya Joyakime, mora wa Jeshua, setloholo sa Josadake, ha Nehemia e ne e le mmusisi, Esera e le moprista le Setsebi sa Molao.
Mmusisi wa naha a re ba se ke ba ja dijo tse halalelang ka ho fetisisa, ho fihlela moprista a ka ba botsetsa ho Morena, ka ho sebedisa majwe a Urime le Thumime.
Ba bang ba dihlooho tsa malapa ba kenya letsoho mosebetsing ona ka ho fana ka dimpho. Mmusisi wa naha a fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse robedi, le dikotlolo tse mashome a mahlano tsa ho sebeletsa, le diaparo tsa baprista tse makgolo a mahlano le mashome a mararo.
Ka letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa, moprista Esera a tlisa Molao kapele ho setjhaba sa banna, le basadi, le bohle ba nang le kutlwisiso.
ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.
Tjhaba sa ka se timetswa ke ho hloka tsebo. “Kahobane tsebo o se o e lahlile, le nna ke tla o lahla jwalo, o ke ke wa ba moprista wa ka; kaha o lebetse molao wa Modimo wa hao, le nna bana ba hao ke tla ba lebala.
“Bua le bana ba Iseraele, o re: ‘Letsatsi la pele la kgwedi ya bosupa e tla ba letsatsi la lona la phomolo, la kgopotso e etswang ka ho letswa ha terompeta; ke la phutheho e halalelang.
Hapehape le etsa tjena: Le a lla, le a bokolla, le kolobisa aletare ya Morena wa mabotho ka dikgapha, hobane Morena a hana ho tadima dinyehelo tsena, leha e le ho amohela dimpho tseo le mo etsetsang tsona.
Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.
Pelepele, ho eso be le Molao, ke ne ke ikutlwa ke phela, empa ha taelo e se e le teng, sebe sa qala ho phela,
Le tla thaba kapele ho Morena Modimo wa lona; lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Molevi ya kahara metse ya lona, hobane ha a na seabo kapa lefa jwaloka lona.”
Le di jelle moo, kapele ho Morena Modimo wa lona. Wena le ba ntlo ya hao le tla thabiswa ke tsohle tseo le di sebetsang, tseo Morena Modimo wa lona, a le hlohonolofaditseng ka tsona.
Le thabe kapele ho Morena Modimo wa lona: lona, le bara ba lona, le baradi ba lona, le bahlanka ba lona, le makgabunyane a lona, le Balevi ba ahileng kahara metse ya lona, le bajaki, le dikgutsana, le bahlolohadi ba hara lona, le le sebakeng se tla kgethwa ke Morena Modimo wa lona, hore a dule ho sona.
Ha ke a ja letho la tsona ha ke ntse ke le bofifing; kapa ka tlosa letho la tsona ha ke ntse ke le sesila; kapa ka nyehella bafu ka tsona. Ke mametse lentswe la Morena Modimo wa ka. Ke entse tsohle ho ya kamoo o ntaetseng kateng.
Lemohang bosoto ba lona, le hlomohe, le bokolle; letsheho la lona le fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi.