Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 8:8 - BIBELE

8 Ba bala Bukeng ya Molao wa Modimo ka mokgwa o hlakileng, ba hlalosa Molao, ba etsa hore setjhaba se utlwisise se balwang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba nna ba bala bukeng ya molao wa Modimo ka ho qaqisa, ba hlalosa, mme ba hlahlisa se balwang.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 8:8
16 Referencias Cruzadas  

Yaba o nyolohela Tempeleng ya Morena, a ena le banna bohle ba Juda, le baahi bohle ba Jerusalema, le baprista, le baporofeta, le setjhaba sohle sa ba baholo le ba banyenyane. Moo ba ntseng ba utlwa a ba balla mantswe wohle a Buka ya Selekane, e ileng ya fumanwa ka Tempeleng ya Morena.


“Re baletswe lengolo la lona ka mokgwa o hlakileng.


Yaba setjhaba sohle se a itsamaela; sa ya ja, sa ya nwa, sa abela ba hlokang. Sa nyakalla haholo, hobane se ne se utliwsisitse seo se se boleletsweng.


Bo-Jeshua, le Bani, le Sherebiya, le Jamine le Akube, le Shabetai, le Hodiya, le Maasiya, le Keleta, le Asariya, le Josabada, le Hanane, le Pelaya, e leng Balevi, ba hlalosetsa setjhaba Molao, setjhaba sona se ntse se eme ditulong tsa sona.


Nehemia, eo e neng e le mmusisi wa naha, le Esera, eo e neng e le moprista e bile e le setsebi sa Molao, le Balevi ba neng ba ruta setjhaba, ba re ho setjhaba sohle: “Letsatsi lena ke le halalelang ho Morena Modimo wa lona; le se ke la hlomoha, kapa la lla.” Ke hobane setjhaba sohle se ne se ntse se lla ha se utlwa se bolelwang ke Molao.


Ba qeta dihora tse tharo ba ntse ba eme, ba ballwa Bukeng ya Molao wa Morena Modimo wa bona. Ka dihora tse ding tse tharo ba ipolela dibe, mme ba kgumamela Morena Modimo wa bona.


Ha setjhaba se kena, kgosana le yona e tla kena, ha se etswa, le yona e tswe.


Yaba Morena o a nkaraba, o re: “Ngola taba tsa pono ena hodima matlapa, o di ngole hantle babadi ba se ke ba hakwa.


A qala ka Moshe le ka Baporofeta bohle, a ba qaqisetsa tse amanang le yena, tse Mangolong wohle.


Ba botsana, ba re: “Ana pelo tsa rona di ne di sa tjhese ka ho rona ha a bua le rona tseleng, a ntse a re hlalosetsa Mangolo na?”


Yaba o ba bula dikelello hore ba utlwisise Mangolo.


Ha ba se ba mo kgethetse letsatsi, ba bangata ba tla ho yena, moo a dulang teng. A ba hlalosetsa, a paka tsa Mmuso wa Modimo. Ho tloha hoseng ho fihlela mantsiboya a leka ho ba kgodisa ka tsa Jesu, a ipapisitse le Molao wa Moshe le Baporofeta.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos