Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 8:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Ba nna ba bala bukeng ya molao wa Modimo ka ho qaqisa, ba hlalosa, mme ba hlahlisa se balwang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Ba bala Bukeng ya Molao wa Modimo ka mokgwa o hlakileng, ba hlalosa Molao, ba etsa hore setjhaba se utlwisise se balwang.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 8:8
16 Referencias Cruzadas  

Morena a nyolohela tlung ya Jehova, yena le banna bohle ba Juda, le bohle ba ahileng Jerusalema, le baprista le baporofeta, le setjhaba sohle, ba banyenyane le ba baholo; a bala tsebeng tsa bona taba tsohle tsa buka ya selekane e fumanweng ka tlung ya Jehova.


Lengolo leo le nthometseng lona le badilwe hantlentle pela ka.


Yaba setjhaba kaofela se tloha ho ya ja le ho nwa, le ho romela ba bang diabo, le ho etsa monyaka o moholo; kahobane ba ne ba utlwisitse mantswe ao ba a boleletsweng.


Joshua, Bani Sherebia, Jamine, Akkube, Shabbethai, Hodia, Maasaia, Kelitha, Asaria, Josabade, Hanane, Pelaia, le Balevi, ba nna ba hlalosetsa setjhaba molao, setjhaba se ntse se eme moo se emeng teng.


Yaba Nehemia mmusisi, ba ena le Esdrase, moprista le mongodi, le Balevi ba rutang setjhaba, ba re ho setjhaba kaofela: Tsatsi lena ke le kgethetsweng Jehova, Modimo wa lona; le se ke la dula bofifing, mme le se ke la lla — etswe setjhaba kaofela se ne se lla ha se utlwa mantswe a molao.


Ba ema ditulong tsa bona, mme ha balwa bukeng ya molao wa Jehova, Modimo wa bona, ka karolo e nngwe ya bone ya letsatsi; ka e nngwe ya bone ba hlahisa meipolelo ya bona, mme ba kgumama pela Jehova, Modimo wa bona.


ha ba kena, morena o tla kena le bona, ha ba etswa, ba tle ba tswe hammoho.


Ebile Jehova o nkarabella ka ho re: Ngola tshenolo, e betle mamatjaneng, hore ya balang a e bale habonolo;


Yaba o qala ka Moshe, a isa ho baporofeta bohle, a ntse a ba hlalosetsa Mangolong wohle tseo a boletsweng ka tsona.


Ba ba ba bolellana, ba re: Ana dipelo tsa rona di ne di sa tjhese kahare ho rona, ha a ntse a bua le rona tseleng, a re hlalosetsa Mangolo na?


Ya eba hona a bulang kutlwisiso ya bona, hore ba utlwisise Mangolo.


Eitse hobane ba mmeele letsatsi, ba tla ho yena ba le bangata moo a dutseng teng, mme a ba bolella, a paka tsa mmuso wa Modimo ho bona, a leka ho ba kgodisa bakeng sa Jesu, a isa ka molao wa Moshe le baporofeta, a qala hosasa ho fihlela mantsiboya.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos