Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Nehemia 8:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Joshua, Bani Sherebia, Jamine, Akkube, Shabbethai, Hodia, Maasaia, Kelitha, Asaria, Josabade, Hanane, Pelaia, le Balevi, ba nna ba hlalosetsa setjhaba molao, setjhaba se ntse se eme moo se emeng teng.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Bo-Jeshua, le Bani, le Sherebiya, le Jamine le Akube, le Shabetai, le Hodiya, le Maasiya, le Keleta, le Asariya, le Josabada, le Hanane, le Pelaya, e leng Balevi, ba hlalosetsa setjhaba Molao, setjhaba sona se ntse se eme ditulong tsa sona.

Ver Capítulo Copiar




Nehemia 8:7
27 Referencias Cruzadas  

Ebile morena o reteletsa sefahleho sa hae, a hlohonolofatsa phutheho yohle ya Iseraele, phutheho yohle ya Iseraele e ntse e eme,


Esekiase a kgothatsa Balevi bohle ba neng ba hlalefetse tshebeletso ya Jehova, mme ba eja dijo tsa mokete ka ditshiu tse supileng, ba ntse ba hlaba mahlabelo a teboho, ba boka Jehova, Modimo wa bontata bona.


Hape, a re ho Balevi, ba rutang Baiseraele bohle, ba ikgalalleditseng Jehova: Beang areka e halalelang tlung e hahilweng ke Salomone, mora Davida, morena wa Iseraele. Ha ho sa tla ba phahlo hodima mahetla a lona; jwale, sebeletsang Jehova, Modimo wa lona, le setjhaba sa hae sa Iseraele.


Kamoo letsoho le molemo la Modimo wa rona le neng le ntse le le ho rona kateng, ba re tlisetsa monna ya kelello wa bara ba Mahadi, mora Levi, mora Iseraele, e leng Sherebia le bara ba hae le banababo, ba entse leshome le metso e robileng meno e le mmedi;


Hodia, Hashume, Betsai,


Seraia, Asaria, Jeremia,


le Shabbethai, le Josabade ba neng ba hlahloba mosebetsi wa kantle wa ntlo ya Modimo; e ne e le ba bang ba dihlooho tsa Balevi.


Ho balebedi ba menyako, ya eba Akkube, le Thalmone, le banababo bona ba neng ba lebela menyako, ba ne ba etsa lekgolo le nang le mashome a supileng a metso e mmedi.


le Asaria, le Esdrase, le Meshullame;


Kapele ho eo, ha lokisa Balevi, e leng Rehume, mora Bani; mabapa le eo, ha lokisa Hashabia, monga sekoto se seng sa setereke sa Keila, a etsetsa ba setereke sa hae.


Mabapa le eo, ha lokisa Esere, mora Joshua, monga Mitspe, a lokisa koto se seng sa lerako, a qala mabapa le moepa wa ntlo ya dihlomo koung ya lerako.


Kapele ho bao, ha lokisa Benjamine le Hashube, maloka le ntlo ya bona. Kapele ho bona, ha lokisa Asaria, mora Maaseia, mora Anania, maloka le ntlo ya hae.


Yaba setjhaba kaofela se tloha ho ya ja le ho nwa, le ho romela ba bang diabo, le ho etsa monyaka o moholo; kahobane ba ne ba utlwisitse mantswe ao ba a boleletsweng.


Esdrase, mongodi, o ne a eme hodima sethala sa difate se etseditsweng hono hoo. Mabapa le yena, letsohong le letona, ho ne ho eme Matthithia, le Shema, le Anaia, le Uria, le Hilkia, le Maaseia; ho le letshehadi ho no ho eme Pedaia, le Mishaele, le Malkia, le Hashume, le Hashbaddana, le Sakaria, le Meshullame.


Esdrase a boka Jehova, Modimo o moholo; mme setjhaba kaofela sa araba, sa re: Amen! Amen! se emiseditse matsoho hodimo; ba boela ba inama; ba kgumama pela Jehova, ba kobotetse fatshe.


Ba nna ba bala bukeng ya molao wa Modimo ka ho qaqisa, ba hlalosa, mme ba hlahlisa se balwang.


Ba ema ditulong tsa bona, mme ha balwa bukeng ya molao wa Jehova, Modimo wa bona, ka karolo e nngwe ya bone ya letsatsi; ka e nngwe ya bone ba hlahisa meipolelo ya bona, mme ba kgumama pela Jehova, Modimo wa bona.


Yaba Joshua, Bani, Kadmiele, Shebania, Bunni, Sherebia, Bani, le Kenani, ba ema sethaleng sa Balevi, ba howeletsa ho Jehova, Modimo wa bona, ka mantswe a phahameng.


le ho ruta bana ba Iseraele melao yohle eo Jehova a ba laetseng yona ka molomo wa Moshe.


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


Ba tla ruta Jakobo dikahlolo tsa hao, ba rute Iseraele molao wa hao. A ba ke ba o beele dibano dinkong tsa hao, le mahlabelo a phethehileng aletareng ya hao.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos