Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 4:9 - BIBELE

9 Lemohang bosoto ba lona, le hlomohe, le bokolle; letsheho la lona le fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Hlomohang dipelo, le lle, le bokolle; ditsheho tsa lona di fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Ikokobetsang, le siama, le lle; litšeho tsa lōna li fetohe ho siama, le thabo ea lōna e fetohe masoabi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Ikokobetsang, le siama, le lle; litšeho tsa lōna li fetohe ho siama, le thabo ea lōna e fetohe masoabi.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 4:9
25 Referencias Cruzadas  

Nehemia, eo e neng e le mmusisi wa naha, le Esera, eo e neng e le moprista e bile e le setsebi sa Molao, le Balevi ba neng ba ruta setjhaba, ba re ho setjhaba sohle: “Letsatsi lena ke le halalelang ho Morena Modimo wa lona; le se ke la hlomoha, kapa la lla.” Ke hobane setjhaba sohle se ne se ntse se lla ha se utlwa se bolelwang ke Molao.


Harepa ya ka e letsa kodi-ya-malla, melodi ya kodilo la ka e fetohile dillo.”


Marameng a ka ho keleketla dikeledi, hoba ha ho ya bolokang Molao wa hao.


Pele ke eso kokobetswe ke ne ke kgelohile; jwale ke hlokometse tshepiso ya hao.


Ke hantle ha ke ile ka kokobetswa, ke tle ke ithute thato ya hao.


E mong o tsheha a ntsa hlomohile, tsheho la hae le qetelle ka maswabi.


Yaba ke re: “Ditshebo ke bohlanya! Monyaka wona o thusang?”


Barwetsana ba tla etsa motjeko, ba nyakalle, ba nyakalle ba ena le bahlankana le wona maqheku. Bofifi ba bona bo tla fetoha e be thabo, ke ba tshedise, maswabi a bona e be nyakallo.


Ba tla kgutla ba itshela ka dikgapha, ke ba etelle pele, bona ba ntse ba rapela. Ke tla ba tsamaisa pela melatswana e phallang, tseleng e bataletseng, moo ba ke keng ba kgoptjwa, hobane nna ke ntata Iseraele, Efraime ke mora wa ka, mora wa matsibolo.


Thabo ya pelo tsa rona e fedile, metjeko ya rona e fetohile bofifi.


Ke tla o tshwarela dibe tsohle tseo o di entseng, empa o tla nne o di hopole, o hlajwe ke dihlong hoo o ke keng wa ahlamisa molomo wa hao, ho rialo Morena Modimo.’ ”


Bohle ba tla phonyoha ba tla balehela dithabeng, ba kuruetse sa maeba a dikgohlo, motho ka mong a llele dibe tsa hae.


Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.”


Ho lehlohonolo ba mahlomoleng, hobane ba tla tshediswa.


“Empa Aborahama a re: ‘Ngwana ka, hopola hore tse molemo tsa hao o di amohetse bophelong ba hao; ka mokgwa o jwalo Lasaro o amohetse tse mpe, empa jwale o tshediswa mona, ha wena o hlokofatswa.


Ho lehlohonolo lona ba lapileng jwale, hobane le tla kgoriswa. Ho lehlohonolo lona ba llang jwale, hobane le tla tsheha.


Ho madimabe lona ba kgotsheng jwale, hobane le tla lapa. Ho madimabe lona ba tshehang jwale, hobane le tla hlomoha, le lle.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos