Nehemia 7:70 - BIBELE70 Ba bang ba dihlooho tsa malapa ba kenya letsoho mosebetsing ona ka ho fana ka dimpho. Mmusisi wa naha a fana ka kgauta e etsang boima ba dikilo tse robedi, le dikotlolo tse mashome a mahlano tsa ho sebeletsa, le diaparo tsa baprista tse makgolo a mahlano le mashome a mararo. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)70 Ba bang ba dihlooho tsa matlo a bontata bona ba ntshetsa mosebetsi dimpho. Mmusisi yena a ntshetsa bobolokelo sekete sa didarike tsa kgauta, le merifi e mashome a mahlano, le diaparo tsa baprista tse makgolo a mahlano a mashome a mararo. Ver Capítulo |
Nehemia, eo e neng e le mmusisi wa naha, le Esera, eo e neng e le moprista e bile e le setsebi sa Molao, le Balevi ba neng ba ruta setjhaba, ba re ho setjhaba sohle: “Letsatsi lena ke le halalelang ho Morena Modimo wa lona; le se ke la hlomoha, kapa la lla.” Ke hobane setjhaba sohle se ne se ntse se lla ha se utlwa se bolelwang ke Molao.